Motshehare o moholo, Elia a ba soma, a re: Howeletsang haholo; hobane ke modimo; ekaba o imametse, kapa o ile nqa e nngwe, kapa o etile, kapa o robetse, o tshwanetse ho tsoswa.
Mattheu 26:45 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba o ya ho barutuwa ba hae, a re ho bona: Robalang jwale, le kgatholohe; bonang, nako e atametse, Mora motho o se a ya neelwa matsohong a baetsadibe. BIBELE Jwale a tla ho barutuwa, a re ho bona: “Na le sa ntse le robetse, le phomotse? Bonang, nako e atametse, mme Mora Motho o neelwa matsohong a baetsadibe. Baasraak Sotho NT Jwale a tla ho barutuwa ba hae, a re ho bona: “Le sa ntse le robetse, mme le phomole; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale a tla ho barutuwa ba hae, a re ho bona: “Le sa ntse le robetse, mme le phomole; |
Motshehare o moholo, Elia a ba soma, a re: Howeletsang haholo; hobane ke modimo; ekaba o imametse, kapa o ile nqa e nngwe, kapa o etile, kapa o robetse, o tshwanetse ho tsoswa.
Mohlankana, thabela botjha ba hao, mme pelo ya hao e ke e o nyakalatse matsatsing a botjha ba hao, o tsamaye ka dithato tsa pelo ya hao le ka tjhadimo ya mahlo a hao;
A re: Eyang motseng, ho nnyeo, le re ho yena: Moruti o re: Nako ya ka e haufi; ke tla etsa Paseka ha hao le barutuwa ba ka.
Le a tseba hobane matsatsi a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka; mme Mora motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong.
Ke ne ke ntse ke na le lona tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, mme ha le a ka la bea matsoho ho nna; empa ke yona nako ya lona le matla a lefifi.
Jwale, moya wa ka o a sisimoha; mme ke tla reng? Na ke tla re: Ntate, o ntwele nakong ena? Empa ke yona ntho eo ke tletseng nako ena.
Mokete wa Paseka ha o se o tla etswa, Jesu, ka ho tseba hobane nako ya hae e tlile ya ho tloha lefatsheng, ho ya ho Ntatae, jwalokaha a ne a ratile ba hae ba lefatsheng, a ba rata le ho isa qetellong.
Jesu a bolela taba tseo, a ntoo lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a re: Ntate, nako e tlile! Tlotlisa Mora wa hao, hore Mora wa hao a o tlotlise le yena;