Jesu a araba, a re: Ha le tsebe seo le se kopang. — Na le ka tseba ho nwela senwelong seo ke tla nwela ho sona, le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona? Ba re ho yena: Re ka tseba.
Mattheu 26:42 - Sesotho 1909/1961 (SO) A boela a ya la bobedi, a rapela, a re: Ntate, ekare ha e se ntho e ka etswang hore senwelo sena se fetele hole le nna ke sa nwele ho sona, a ho etswe thato ya hao! BIBELE A tloha ho bona kgetlo la bobedi, a ya rapela, a re: “Ntate, haeba senwelo sena se sitwa ho mpheta ke sa se nwe, a ho etswe thato ya hao!” Baasraak Sotho NT A boela a tloha kgetlo la bobedi, a rapela, a re: Ntate, ha senwelo sena se ke ke sa feta ho nna, ha ke sa se nwe, ho etswe thato ya hao. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A boela a tloha kgetlo la bobedi, a rapela, a re: Ntate, ha senwelo sena se ke ke sa feta ho nna, ha ke sa se nwe, ho etswe thato ya hao. |
Jesu a araba, a re: Ha le tsebe seo le se kopang. — Na le ka tseba ho nwela senwelong seo ke tla nwela ho sona, le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona? Ba re ho yena: Re ka tseba.
A ntoo ya pejana, a wela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ekare ha ho ka etswa, ako fetisetse senwelo sena hole le nna? Empa ho se ke ha etswa thato ya ka, ho mpe ho etswe ya hao!
Ha a kgutlela ho bona, a ba fumana ba boetse ba robetse; hobane mahlo a bona a ne a le boima.
O ne a re: Abba, Ntate! tsohle o ka di etsa; tlosa senwelo sena pela ka; empa, ho se ke ha etswa seo nna ke se ratang, ho etswe seo wena o se ratang.
a re: Ntate, hoja o ka rata ho suthisa senwelo sena pela ka! empa ho se ke ha etswa thato ya ka, ho etswe ya hao.
Hobane ke theohile lehodimong, e seng ho etsa ho ratwang ke nna, empa e le ho etsa ho ratwang ke ya nthomileng.
Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona; hobane o lekilwe nthong tsohle jwaloka rona, empa ha a ka a etsa sebe.