Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 26:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)

39 A ntoo ya pejana, a wela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ekare ha ho ka etswa, ako fetisetse senwelo sena hole le nna? Empa ho se ke ha etswa thato ya ka, ho mpe ho etswe ya hao!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

39 A ya pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: “Ntate, haeba ho ka etsahala, senwelo sena a se ke se mphete, empa ho be kamoo ho ratang wena kateng, e seng nna.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

39 A fetela pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ha ho ka etswa, senwelo sena se fetele ho nna;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

39 A fetela pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ha ho ka etswa, senwelo sena se fetele ho nna;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 26:39
27 Referencias Cruzadas  

Yaba Abrame o wa ka sefahleho, mme Modimo wa nna wa bua le yena, wa re:


Le mohlomong, leha a ka bolela hore ha a kgahlwe ke nna, ke nna enwa, a ke a etse ka nna kamoo a ratang kateng.


Davida eitse ha a emisa mahlo, a bona lengeloi la Jehova le eme pakeng tsa lefatshe le lehodimo, le tshwere sabole e bolatsi letsohong la lona, le e otlolletse Jerusalema. Yaba Davida le baholo, ba apere masela a mahwashe, ba itahla fatshe ka difahleho tsa bona.


Morena Jehova o nthibolotse ditsebe, mme ha ke a ka ka hana, leha e le ho sutha kasanthao.


Ka baka leo, ke tla mo fa kabelo ya hae hara ba baholo; o tla arolelana kgapo le bahale, hobane o neetse moya wa hae lefu, mme o badilwe le dihlola; o jere dibe tsa ba bangata, mme o tla rapella batlodi.


Jwaloka ponahalo ya mookodi ha o bonahala lerung mohla pula, ponahalo ya kganya eo ka nqa tsohle e ne e le jwalo. E ne e ka ponahalo ya kganya ya Jehova. Eitse ha ke bona hoo, ka itiha ka sefahleho sa ka, mme ka utlwa lentswe la e mong ya buang.


Yaba Moshe le Aarone ba itihela fatshe ka difahleho pela phutheho yohle e bokaneng ya bana ba Iseraele.


Yaba ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: Oho, Modimo, wena, Modimo wa meya ya nama yohle, na leha ho sitilwe motho a le mong, o ka halefela phutheho yohle na?


Jesu a araba, a re: Ha le tsebe seo le se kopang. — Na le ka tseba ho nwela senwelong seo ke tla nwela ho sona, le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona? Ba re ho yena: Re ka tseba.


Hobane ho tla hlaha bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.


A boela a ya la bobedi, a rapela, a re: Ntate, ekare ha e se ntho e ka etswang hore senwelo sena se fetele hole le nna ke sa nwele ho sona, a ho etswe thato ya hao!


Hobane ho tla hlaha Bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa dipontsho le mehlolo, ba tle ba thetse le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.


mme a itihela maotong a Jesu ka sefahleho, a mo leboha. Athe eo e ne e le Mosamaria.


Jwale, ba tlosa lejwe moo mofu a beilweng teng. Yaba Jesu o emisetsa mahlo a hae hodimo, a re: Ntate, ke a o leboha hobane o nkutlwile.


Empa hore lefatshe le tsebe hobane ke rata Ntate, le hoba ke etsa kamoo Ntate a ntaetseng kateng, emang, a re tloheng mona.


Yaba Jesu o re ho Petrose: Busetsa sabole ya hao selateng; na nke ke ka nwa senwelo seo ke se neilweng ke Ntate?


Jesu a araba ke hona, a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Mora o sitwa ho etsa letho a nnotshi, ha a sa ka a le bona le etswa ke Ntatae; hobane tsohle tse etswang ke Ntate, Mora o di etsa jwalo le yena.


Ke sitwa ho etsa letho ke nnotshi; ke ahlola kamoo ke utlwang kateng, mme kahlolo ya ka e lokile, kahobane ha ke batle ho ratwang ke nna, ke mpa ke batla ho ratwang ke Ntate ya nthomileng.


Hobane ke theohile lehodimong, e seng ho etsa ho ratwang ke nna, empa e le ho etsa ho ratwang ke ya nthomileng.


Yare ha Petrose a kena, Kornele a mo kgahlanyetsa, a itihela maotong a hae, a mo kgumamela.


Mme ha a hlahile a le jwaloka motho, o ikokobeditse, a iketsa ya utlwang ho isa lefung, e, le lefung la sefapano.


Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,


Yaba ke wela maotong a lona ho le kgumamela. Empa la re ho nna: O se ke wa etsa hoo; hobane ke molekane wa hao wa tshebeletso, le wa banabeno ba ba nang le bopaki ba Jesu; kgumamela Modimo: hobane bopaki ba Jesu ke Moya wa boporofeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos