Empa morena wa Iseraele a mo fetola, a re: Ya hlomelang dihlomo a se ke a ithorisa, jwaloka ya di rolang.
Mattheu 26:40 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ha a etla ho barutuwa ba hae, a ba fumana ba robetse; a re ho Petrose: Le sitilwe jwang ke ho fadimeha le nna hora e le nngwe na? BIBELE A tla ho barutuwa, a fumana ba robetse, mme a re ho Petrose: “Na ebe le sitilwe ho fadimeha le nna hora e le nngwe? Baasraak Sotho NT A tla ho barutuwa, a ba fumana ba robetse, mme a re ho Petrose: “Na le ne le sitilwe ho fadimeha le nna hora e le nngwe? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A tla ho barutuwa, a ba fumana ba robetse, mme a re ho Petrose: “Na le ne le sitilwe ho fadimeha le nna hora e le nngwe? |
Empa morena wa Iseraele a mo fetola, a re: Ya hlomelang dihlomo a se ke a ithorisa, jwaloka ya di rolang.
Ke ne ke robetse, empa pelo ya me e ne e fadimeha ... Ke lentswe la moratuwa wa me! o a kokota: Mpulele, ngwaneso, thatohatsi ya ka, leebakgorwana la ka, mohlweki wa ka! Hobane hlooho ya ka e tletse phoka, thitsane ya ka e kolobile ke marothodi a bosiu.
Petrose a re ho yena: Leha ho ka thwe, ke shwe le wena, nke ke ka ba ka o latola. Le barutuwa bohle ba bolela jwalo.
A re ho bona: Moya wa ka o tshwerwe ka nqa tsohle ke maswabi a isang lefung; salang mona, le fadimehe le nna.
Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; hobane moya o mafolofolo, empa nama yona e a fokola.
Ha a kgutlela ho bona, a ba fumana ba boetse ba robetse; hobane mahlo a bona a ne a le boima.
A boya, a ba fumana ba robetse; a re ho Petrose: Simone, na o robetse? O sitilwe ho fadimeha hora e le nngwe na?
Yare ha a tsoha thapelong, a tla ho barutuwa ba hae, a ba fumana ba robetse ke ho swaba;
Empa Petrose, le ba nang le yena, ba ne ba tshwerwe ke boroko. Yare ha ba tsoha, ba bona kganya ya hae, le banna ba babedi ba nang le yena.
Ka meso, ha letsatsi le tjhaba, o tlohe, mme o patele motse; bona, Gaale le batho bao a nang le bona ba tla tswela ho o lwantsha, mme o tla mo etsa kamoo o tla hopola kateng.