Matsatsi a tsheletseng ha a fetile, Jesu a nka Petrose, le Jakobo, le Johanne, ngwanabo Jakobo, mme a ya le bona kathoko, thabeng e telele.
Mattheu 26:37 - Sesotho 1909/1961 (SO) A ya le Petrose le bara ba Sebedea ba babedi, mme a qala ho swaba le ho tsieleha haholo. BIBELE A tsamaya le Petrose le bara ba babedi ba Sebedea, mme a qala ho swaba le ho tshwenyeha. Baasraak Sotho NT A nka Petrose le bara ba Sebedea ba babedi, a qala ho swaba le ho tsieleha haholo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A nka Petrose le bara ba Sebedea ba babedi, a qala ho swaba le ho tsieleha haholo. |
Matsatsi a tsheletseng ha a fetile, Jesu a nka Petrose, le Jakobo, le Johanne, ngwanabo Jakobo, mme a ya le bona kathoko, thabeng e telele.
Yaba ho tla ho yena mma bara ba Sebedea a ena le bara ba hae, mme a kgumama, a kopa ho hong ho yena.
Jesu, ha a sika le lewatle la Galelea, a bona bara ba babedi ba motho a le mong, e le Simone, ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela matlowa a bona lewatleng; hobane e ne e le ba tshwasang dihlapi.
Yare ha a fetela pele, a bona ba babedi ba bang, bara ba motho a le mong, e le Jakobo, mora wa Sebedea, le Johanne, ngwanabo, ba dutse sekepaneng le Sebedea, ntata bona, ba rokahanya matlowa a bona; mme a ba bitsa.
Mme ha a ka a dumella motho ho mo latela, haese Petrose, le Jakobo, le Johanne, ngwanabo Jakobo.
Eitse ha a le matswalong a maholo, a eketsa ho rapela ka matla; mme dikgororo tsa hae tsa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.
Jwale, moya wa ka o a sisimoha; mme ke tla reng? Na ke tla re: Ntate, o ntwele nakong ena? Empa ke yona ntho eo ke tletseng nako ena.