Hobane moo ba babedi, kapa ba bararo, ba phuthehileng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.
Mattheu 26:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane haele bafumanehi, le tla nne le be le bona kamehla, empa nna, le ke ke la ba le nna kamehla. BIBELE Mafutsana le na le wona kamehla, athe nna le ke ke la ba le nna kamehla; Baasraak Sotho NT Hobane mafutsana le na le lona kamehla; empa nna ha le na ho ba le nna kamehla. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane mafutsana le na le lona kamehla; empa nna ha le na ho ba le nna kamehla. |
Hobane moo ba babedi, kapa ba bararo, ba phuthehileng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.
Empa Jesu a lemoha hoo, a re ho bona: Le utlwisetsang mosadi eo bohloko? Athe o nkentse ketso e molemo.
mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.
Hobane haele bafumanehi, le tla nne le be le bona kamehla, mme le tla tseba ho ba etsa hantle mohla le ratang; empa nna, le ke ke la ba le nna kamehla.
Hobane haele bafumanehi, le tla nne le be le bona kamehla; empa nna, le ke ke la ba le nna kamehla.
Bana ba ka, ke sa dutse le lona ho se hokae; le tla mpatla, mme jwalokaha ke boleletse Bajuda, ka re: Moo ke yang teng, lona le ka sitwa ho tla, jwale ke rialo le ho lona.
Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona; empa lona le tla mpona; erekaha nna ke phela, le lona le tla phela.
Ke tswile ho Ntate, ka tla lefatsheng; jwale, ke boela ke tlohela lefatshe, ke ya ho Ntate.
Ha ke sa le lefatsheng, empa bona ba sa le lefatsheng; mme nna ke tla ho wena. Ntate ya halalelang, boloka ka lebitso la hao bao o nneileng bona, ba tle ba be bang, jwaloka rona.
eo lehodimo le tshwanetseng ho ba le yena ho be ho fihle mehla ya tokiso ya dintho tsohle, eo Modimo o e boletseng ka melomo ya baporofeta ba halalelang ba wona bohle, haesale le tshimolohong.
Hobane mohloki a ke ke a hlokahala lefatsheng le ka mohla o le mong; ke ka baka leo ke o laelang, ke re: o fuparollele ngwaneno eo e leng mohloki le mofumanehi naheng ya hao diatla tsa hao.
Empa motho ha a na le dintho tsa bophelo ba lefatshe, mme a bona ngwanabo a hloka, mme a mo kwalla pelo ya hae, lerato la Modimo le dutse jwang ho yena?