Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 26:11 - BIBELE

11 Mafutsana le na le wona kamehla, athe nna le ke ke la ba le nna kamehla;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hobane haele bafumanehi, le tla nne le be le bona kamehla, empa nna, le ke ke la ba le nna kamehla.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Hobane mafutsana le na le lona kamehla; empa nna ha le na ho ba le nna kamehla.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Hobane mafutsana le na le lona kamehla; empa nna ha le na ho ba le nna kamehla.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 26:11
16 Referencias Cruzadas  

hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.”


Jesu a elellwa hona, mme a re ho bona: “Le nyahamisetsang mosadi eo pelo, athe o nketseditse ketso e molemo?


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


Mafutsana le na le wona kamehla, mme le ka a etsetsa molemo neng le neng ha le rata; athe nna le ke ke la ba le nna kamehla.


hobane mafutsana le na le wona kamehla, empa nna le ke ke la ba le nna kamehla.”


“Bana ba ka, ke sa tla ba le lona ka nakwana; le tla mpatla, mme jwalokaha ke ile ka bolella Bajuda, ka re: ‘Moo ke yang teng, le ke ke la tla,’ le ho lona ke rialo jwale.


Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona, empa lona le a mpona, hobane ke a phela, le lona le tla phela.


Ke tswa ho Ntate, mme ke tlile lefatsheng; ke tloha lefatsheng hape, ke ya ho Ntate.”


“Jwale ke ya ho ya nthomileng, mme ha ho le ya mong wa lona ya mpotsang, a re: ‘O ya kae?’


Ha ke sa le lefatsheng, empa bona ba ntse ba le lefatsheng, athe nna ke tla ho wena. Ntate ya halalelang, o ba boloke ka lebitso la hao leo o nneileng lona, hore ba be ntho e le nngwe jwaloka rona.


Ke yena eo lehodimo le tshwanetseng ho mo amohela ho fihlela mehla ya ha ho busetswa dintho tsohle madulong, mehla eo Modimo a buileng ka yona ka melomo ya baporofeta ba hae ba halalelang, ho tloha mehleng ya boholoholo.


Feela ba re re hopole mafutsana, e leng seo ke neng ke ikemiseditse ho se etsa.


Bahloki ba ke ke ba fela kahara naha ya lona; ka baka leo, ke a le laela, ke re: ‘Ho ngwanabo lona, le ho mofutsana, le ho ya hlokang, ya naheng ya heno, o fane ka letsoho le batsi.’ ”


Ha motho a ena le maruo a lefatshe lena, mme a bona ngwanabo a hloka, empa a mo thatafaletsa pelo ya hae, lerato la Modimo le ka ba teng jwang pelong ya hae?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos