Ke tla hlohonolofatsa ba o hlohonolofatsang, ke rohake ba o rohakang, mme mefuta yohle ya lefatshe e tla hlohonolofalla ho wena.
Mattheu 25:45 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke moo a tla ba araba, a re: Kannete ke re ho lona: Erekaha le sa ka la etsa jwalo ho e mong wa ba banyenyane bana, ha le a ka la nketsa jwalo le nna. BIBELE “O tla ba araba, a re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le sa kang la se etsetsa e mong wa ba banyenyane bana, le nna ha le a nketsetsa sona.’ Baasraak Sotho NT Ke moo a tla ba araba, a re: Kannete ke re ho lona: Erekaha le sa ka la etsa e mong wa ba banyenyane bana, le nna ha le a ka la nketsa jwalo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke moo a tla ba araba, a re: Kannete ke re ho lona: Erekaha le sa ka la etsa e mong wa ba banyenyane bana, le nna ha le a ka la nketsa jwalo. |
Ke tla hlohonolofatsa ba o hlohonolofatsang, ke rohake ba o rohakang, mme mefuta yohle ya lefatshe e tla hlohonolofalla ho wena.
Ya tubang mofutsana o nyedisa Mmopi wa hae; empa ya molemo ho mofumanehi o a mo rorisa.
Ya tshehang mofutsana o soma Ya mmopileng, ya tlakang ditlokotsi tsa ba bang a ke ke a phonyoha kotlong.
Ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa dillo tsa mosenyehi, o tla lla le yena, empa a ke ke a lemohuwa ke motho.
Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ka ho re ho bonahatswe kganya ya hae a nthomileng ho ditjhaba tse le hapileng; hobane ya le amang o ama thaka ya leihlo la hae;
O finne mangole, o bothile jwaloka tau le jwaloka tau e tshehadi; ke mang ya ka mo tsosang? Ho hlohonolofatswe ba o hlohonolofatsang, ho rohakwe ba o rohakang!
Ya amohelang moporofeta, kahoba a ena le lebitso la moporofeta, o tla newa moputso wa moporofeta; le ya amohelang ya lokileng, kahoba a ena le lebitso la ya lokileng, o tla newa moputso wa ya lokileng.
Morena o tla ba araba, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Tseo le di entseng e monyenyane ho baena ba ka, le di entse nna.
Ke moo le bona ba tla mo araba, ba re: Morena, ke neng re kileng ra o bona o lapile, leha o nyorilwe, leha o le moeti, leha o hlobotse, leha o baba, leha o le teronkong, mme re sa ka ra o thusa?
Mme bona bao ba tla ya bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ya bophelong bo sa feleng.
A re: O mang, Morena? Morena a re: Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang; ho thata ho wena ho raha ditsenene.
Mme ha le sitelwa bana babo lona jwalo, mme le hlaba matswalo a bona a fokolang, le sitelwa le Kreste.