ha ekaba nkile ka bona e mong ya timelang a se na diaparo, kapa mofumanehi ya hlokang seo a ikapesang ka sona,
Mattheu 25:43 - Sesotho 1909/1961 (SO) ke na be ke le moeti, mme ha le a ka la nkenya tlung ha lona; ke na be ke hlobotse, mme ha le a ka la nkapesa; ke na be ke le pabong, le teronkong, mme ha le a ka la tla mpona. BIBELE ke le moeti, la se ke la nkamohela; ke hlobotse, la se ke la nkapesa; ke kula, ke le tjhankaneng, la se ke la ntlhwela.’ Baasraak Sotho NT ke ne ke le moeti, la se ke la nkamohela; ke hlobotse, la se ke la nkapesa; ke kula, ke le teronkong, mme ha le a ka la nketela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 ke ne ke le moeti, la se ke la nkamohela; ke hlobotse, la se ke la nkapesa; ke kula, ke le teronkong, mme ha le a ka la nketela. |
ha ekaba nkile ka bona e mong ya timelang a se na diaparo, kapa mofumanehi ya hlokang seo a ikapesang ka sona,
Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, bakeng sa badisa ba disang setjhaba sa ka: Le qhalantse mohlape wa ka, le o hasantse, ha le a ka la o hlahloba; bonang, ke tla busetsa ho lona ka bolotsana ba diketso tsa lona, ho bolela Jehova.
Haele setjhaba sa lefatshe lena, se etsa botubo, se ineela kutso; ba tuba mosenyehi le mofutsana, ba tuba moditjhaba ho se tokelo.
ke na be ke hlobotse, mme la nkapesa; ke na be ke baba, mme le tlile ho mpona; ke na be ke le teronkong, mme la tla ho nna.
Hobane ke na be ke lapile, mme ha le a ka la nnea ka ja; ke na be ke nyorilwe, mme ha le a ka la nnea ka nwa;
Ke moo le bona ba tla mo araba, ba re: Morena, ke neng re kileng ra o bona o lapile, leha o nyorilwe, leha o le moeti, leha o hlobotse, leha o baba, leha o le teronkong, mme re sa ka ra o thusa?
Eitse hobane ho fete matsatsi a se makae, Pauluse a re ho Barnabase: Ha re boeleng re etele baena ba rona metseng yohle eo re boletseng lentswe la Morena ho yona, re bone kamoo ba dutseng kateng.
Le se ke la lebala ho amohela baeti; hobane ba bang, ka ho etsa jwalo, ba amohetse mangeloi ha bona, ba sa tsebe.
Hopolang ba ditlamong, ho be jwaloka hoja le tlamilwe le bona; hopolang ba etswang hampe, etswe le sa le mmeleng le lona.
Ba fapohela Gibea jwalo, ba kena teng ho robala bosiu. Eitse hobane a kene, a dula lepatlelong la motse, ho se motho ya ba amohelang tlung ya hae, hore ba robale bosiu teng.