Jwale, Bathe-Sheba a ya ho morena Salomone, ho buella Adonija; morena a ema, a mo kgahlanyetsa, a inama pela hae, a ntoo dula teroneng ya hae, a beela mma morena setulo, a re, a dule letsohong la hae le letona.
Mattheu 25:33 - Sesotho 1909/1961 (SO) O tla bea dinku ka letsohong la hae le letona, a bee dipodi ho le letshehadi. BIBELE o tla bea dinku ka letsohong la hae le letona, dipodi ka ho le letshehadi. Baasraak Sotho NT O tla bea dinku ka letsohong la hae le letona, empa dipodi ka ho le letshehadi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 O tla bea dinku ka letsohong la hae le letona, empa dipodi ka ho le letshehadi. |
Jwale, Bathe-Sheba a ya ho morena Salomone, ho buella Adonija; morena a ema, a mo kgahlanyetsa, a inama pela hae, a ntoo dula teroneng ya hae, a beela mma morena setulo, a re, a dule letsohong la hae le letona.
Le tsebe hobane Jehova ke Modimo! Ke yena ya re entseng, mme re ba hae, re setjhaba sa hae, re mohlape o aloswang ke yena.
Jehova o itse ho Morena wa ka: Dula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.
Baradi ba marena ba hara ba ratwang ke wena; mofumahadi wa hao o letsohong la hao le letona, a hlophehile ka kgauta ya Ofire.
Mme rona, setjhaba sa hao, mohlape oo o leng moalosi wa wona, re tla o leboha ka ho sa yeng kae, re bolele dithoko tsa hao ditloholong le ditloholwaneng!
Hobane ke Modimo wa rona, re setjhaba seo e leng modisa wa sona, mohlape o tsamaiswang ke letsoho la hae.
Pelo ya ya bohlale e letsohong la hae le letona, empa pelo ya lewatla e ho le letshehadi;
Eitse hobane Morena a bue le bona jwalo, a nkelwa lehodimong, mme a dula letsohong le letona la Modimo.
ao o sebeditseng ka wona ho Kreste, ha o mo tsosa bafung, wa ba wa mo dudisa letsohong le letona la wona, mahodimong,
Yena eo e leng lehlasedi la kganya ya wona, le setshwantsho sa boleng ba wona, ya kakatlelang dintho tsohle ka lentswe la matla a hae, eitse hobane a etse hlatsuo ya dibe tsa rona, o ile ho dula ka letsohong le letona la Boholo bo hodimo;