Ho tse tlileng, ha tla e tona le e tshehadi tsa nama yohle, jwalokaha Modimo o ne o mo laetse. Yaba Jehova o a mo kwalla.
Mattheu 25:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba re ba sa ya ithekela, monyadi a fihla, mme ba itokisitseng ba kena le yena bohading, mme ha kwalwa monyako. BIBELE “Yare ba sa ilo ithekela, monyadi a fihla; ba itokisitseng ba kena le yena moketeng, mme ha kwalwa monyako. Baasraak Sotho NT Yare ba sa ya reka, monyadi a fihla; mme ba neng ba itokisitse ba kena le yena moketeng wa lenyalo, mme monyako wa koaloa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ba sa ya reka, monyadi a fihla; mme ba neng ba itokisitse ba kena le yena moketeng wa lenyalo, mme monyako wa koaloa. |
Ho tse tlileng, ha tla e tona le e tshehadi tsa nama yohle, jwalokaha Modimo o ne o mo laetse. Yaba Jehova o a mo kwalla.
Le mpe le tsebe hobane monga ntlo, hola a ka tseba nako eo senokwane se tla tla ka yona, a ka lebela, mme a ke ke a dumela hoba ntlo ya hae e phunngwe.
Yare bosiu bo boholo, ha etswa mohoo, ha thwe: Bonang, monyadi ke eo; tswang, le mo kgahlanyetse.
Hase bohle ba reng ho nna: Morena! Morena! ba tlang ho kena mmusong wa mahodimo; empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.
Etlare monga ntlo ha a se a tsohile, mme a kwetse monyako, lona le tla qala ho ema kantle, le ho kokota monyako, le re: Morena, Morena, re bulele! Mme o tla araba, a re ho lona: Ha ke le tsebe moo le tswang teng.
le ntse le leboha Ntate ya re entseng ba loketsweng ke ho ba le kabelo lefeng la bahalaledi leseding;
Ho setseng e se e le ho amohela moqhaka wa ho loka oo ke o behetsweng, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho nnea wona ka letsatsi lela, e seng nna feela, le bohle ba ratileng ho tla ha hae.
Jwale he lona, itlameng matheka a dikelello tsa lona, le phele ka boitshwaro, le lete ka tshepo e tiyang mohau oo le tla o tlisetswa mohla Jesu Kreste a hlahang.
Bonang, o tla ka maru, mme mahlo wohle a tla mmona, le bona ba mo hlabileng; mme ba mefuta yohle ya lefatshe ba tla swaba ka baka la hae. E, Amen!
A re thabeng, re nyakalle, mme re ise kganya ho wona; hobane lenyalo la Konyana le hlahile, mme mosadi wa yona o itokisitse;