Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 24:43 - Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Le mpe le tsebe hobane monga ntlo, hola a ka tseba nako eo senokwane se tla tla ka yona, a ka lebela, mme a ke ke a dumela hoba ntlo ya hae e phunngwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

43 Le a tseba hore hoja monga ntlo a tseba nako eo leshodu le tla tla ka yona bosiu, a ka be a ile a fadimeha, mme a se ke a dumela hore ntlo ya hae e thuuwe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

43 Empa le tsebe sena, hore hoja monga ntlo a ne a tsebile nako eo leshodu le tla tla ka yona, a ka be a lebetse, mme a ka be a sa ka a dumela hore ntlo ya hae e phunngwe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

43 Empa le tsebe sena, hore hoja monga ntlo a ne a tsebile nako eo leshodu le tla tla ka yona, a ka be a lebetse, mme a ka be a sa ka a dumela hore ntlo ya hae e phunngwe.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 24:43
18 Referencias Cruzadas  

Bosiu, ba phunya matlo, motshehare ba ikwalla; ha ba tsebane le letsatsi.


hobane monna wa ka ha a yo hae, o etetse hole;


Eitse ka tebelo ya bone ya bosiu, Jesu a tla ho bona, a tsamaya hodima lewatle.


Ha ba e nkile, ba kganana ho monga ntlo,


Lebelang hle; hobane ha le tsebe nako eo Morena wa lona a tla tla ka yona.


Le lona, itokiseng ke hona; hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang.


Ba re ba sa ya ithekela, monyadi a fihla, mme ba itokisitseng ba kena le yena bohading, mme ha kwalwa monyako.


Lebelang ke hona; kahobane ha le tsebe letsatsi le hora eo Mora motho a tla tla ka yona.


Lebelang ke hona; hobane ha le tsebe mohla monga ntlo a tla tla, kapa mantsiboya, kapa bosiu bo boholo, kapa mokoko ha o lla, kapa kameso;


A ba bona ba tsielehile haholo ke ho tsamaisa sekepana, hobane moya o ne o ba hanela. Ha e batla e eba tebelo ya bone ya bosiu, a tla ho bona, a ntse a tsamaya hodima lewatle, yaka o a ba feta.


Leha a ka tla tebelong ya bobedi, leha a ka tla tebelong ya boraro, mme a ba fumana ba le jwalo, ho lehlohonolo bahlanka bao.


Le lemohe hoba, hola monga ntlo a ka tseba nako eo leshodu le tla tla ka yona, a ka lebela, a se ke a lesa ntlo ya hae ya phunngwa.


Fadimehang ke hona, mme le rapele kamehla, le tle le newe tokelo ya ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ya ho ema pela Mora motho.


Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme dihlong tsa hae di se ke tsa bonahala!


Hopola hle kamoo o filweng kateng, le kamoo o utlwileng kateng, o se boloke, mme o bake; hobane ha o sa lebele, ke tla tla ho wena ka mokgwa wa leshodu, mme o ke ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos