mme setjhaba se seng se ne se thulana le setjhaba se seng, motse o mong o thulane le motse o mong; hobane Modimo o ne o ba ferekanya ka mahlomola a mangata a mefuta.
Mattheu 24:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane setjhaba se seng se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong; ditlala di tla ba teng, le mafu a akaretsang, le ditshisinyeho tsa lefatshe ka nqa tse ngata. BIBELE Ditjhaba di tla tsohelana matla le mebuso e futuhelane; ho tla ba le ditlala tsa sekoboto le ditshisinyeho tsa lefatshe dibakeng tse ngata. Baasraak Sotho NT Hobane setjhaba se tla tsohela setjhaba matla, mmuso o tsohele mmuso matla, mme ho tla ba le ditlala, le mafu a sewa, le ditshisinyeho tsa lefatshe nqalong tse ngata. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane setjhaba se tla tsohela setjhaba matla, mmuso o tsohele mmuso matla, mme ho tla ba le ditlala, le mafu a sewa, le ditshisinyeho tsa lefatshe nqalong tse ngata. |
mme setjhaba se seng se ne se thulana le setjhaba se seng, motse o mong o thulane le motse o mong; hobane Modimo o ne o ba ferekanya ka mahlomola a mangata a mefuta.
Ke tla tsosa Moegepeta, a lwantshe Moegepeta, ba tle be lwantshane, motho a lwane le wa habo, motswalle le motswalle, motse le motse, mmuso le mmuso.
Jehova wa makgotla o tla tla ka diaduma, ka ditshisinyeho tsa lefatshe, ka modumo o moholo, ka sefefo, ka setsokotsane, le ka malakabe a mollo o tjhesang.
Hobane Morena Jehova o re: Etlare hobane ke neele dikahlolo tsena tsa ka tse mpe tse nne, e leng lerumo, le tlala, le dilalome tse bohale, le lefu la sewa, ho wela Jerusalema, hore ho kgaolwe batho le dikgomo teng,
Ke tla mo heletsa, ke mo heletse, ke mo heletse; se leng teng ha se sa tla ba teng, ho be ho fihle eo kahlolo e leng ya hae, eo ke mo neileng yona.
Ka tsatsi leo, moferefere o moholo o tswang ho Jehova o tla ba teng hara bona, e mong le e mong a tshware letsoho la e mong, letsoho la hae le phahamele hodima letsoho la wa habo.
Ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe di tla ba teng, le ditlala ka nqa tse ngata, le mafu a akaretsang; mme matshabeho le mehlolo e meholo e tla ba teng e tswang lehodimong.
E mong wa bona, ya bitswang Agabuse, a ema, mme a porofeta ka Moya hore tlala e kgolo e tla wela lefatshe lohle. E fedile ya hlaha mehleng ya Sesare Klaude.
Ke tla etsa mehlolo hodimo lehodimong, le meeka tlase lefatsheng, madi, le mollo, le mouwane wa mosi.
Mme ha a re: Hang hape, ke ho lekanya hoba o tla fedisa dintho tse sisinngwang, etswe e le tse bopilweng, hore tse sa sisinyeheng di tiye kamehla.
Ka tadima ha e manolla tiiso ya botshelela, mme bonang, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; letsatsi la eba letsho jwaloka mokotla wa boditse, mme kgwedi ya eba jwaloka madi.
Yare hobane e manolle tiiso ya boraro, ka utlwa sebopuwa se phelang sa boraro se re: Tloo. Yaba ke a tadima, ka bona pere e ntsho, mme ya e kaletseng a tshwere sekala letsohong la hae.
Mme ka utlwa lentswe mahareng a dipobuwa tse phelang tse nne, le re: Kgala e le nngwe ya koro e rekwe ka denare, le kgala tse tharo tsa harese ka denare; empa o se ke wa senya ole le veine.
Yaba ke a tadima, ka bona pere e tshehla, mme ya e kaletseng lebitso la hae e le Lefu, a lateletswe ke nqalo ya bafu; a fuwa matla hodima karolo ya bone ya lefatshe ho bolaya batho ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu, le ka dibatana tsa naha.