Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 6:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yare hobane e manolle tiiso ya boraro, ka utlwa sebopuwa se phelang sa boraro se re: Tloo. Yaba ke a tadima, ka bona pere e ntsho, mme ya e kaletseng a tshwere sekala letsohong la hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Yare ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa boraro, ka utlwa sebopuwa sa boraro se phelang, se re: “Tloo!” Ka tadima, mme ka bona pere e ntsho, ya e palameng a nkile sekala ka letsohong la hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Eitse hobane e manolle tiiso ya boraro, ka utlwa sebopuwa se phelang sa boraro se re: Tloo o bone. Ka tadima, ka bona pere e ntsho; mme ya e kaletseng o ne a tshwere sekala letsohong la hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Eitse hobane e manolle tiiso ya boraro, ka utlwa sebopuwa se phelang sa boraro se re: Tloo o bone. Ka tadima, ka bona pere e ntsho; mme ya e kaletseng o ne a tshwere sekala letsohong la hae.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 6:5
11 Referencias Cruzadas  

Letlalo la rona le tlabohile ke bohale ba tlala, jwaloka leifo.


Dijo tseo o di jang, o tlo di je ka boima ba dishekele tse mashome a mabedi ka letsatsi; o tle o di je ka nako e itseng le ka nako e itseng.


A ba a re ho nna: Mora motho, bona, ke se ke tla roba kotlo ya bohobe Jerusalema; ba tla ja bohobe bo lekantsweng, ba bo je ka mahlomola; le wona metsi ba a nwe a lekantswe, ba a nwe ka makalo,


Mohla ke le timileng bohobe e leng seikokotlelo sa lona, sebopi se le seng se tla lekana basadi ba leshome ho le apehela bohobe; ba tla le lekanyetsa bohobe ba lona ka sekala; le tla ja, empa le ke se ke la kgora.


koloing ya pele, e le pere tse kgunong; koloing ya bobedi, e le pere tse ntsho;


Dipere tsa koloi e nngwe, e leng tse ntsho, di tswela lefatsheng la Leboya, tse tsweu di latela mehlaleng ya tsona, tse phatswa di tswela lefatsheng la Borwa;


Hobane setjhaba se seng se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong; ditlala di tla ba teng, le mafu a akaretsang, le ditshisinyeho tsa lefatshe ka nqa tse ngata.


Yaba e mong wa baholo o re ho nna: Se lle; bona, tau ya leloko la Juda, lehlomela la Davida, e hlotse, e tle e tsebe ho phetla buka le ho manolla ditiiso tse supileng tsa yona.


Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;


Mme ka bona Konyana ha e manolla tiiso e nngwe ya tse supileng, mme ka utlwa se seng sa dibopuwa tse phelang tse nne, se re ka lentswe le kang seaduma: Tloo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos