Mattheu 24:51 - Sesotho 1909/1961 (SO) O tla mo pomahanya dikoto, a mo nee kabelo e le nngwe le baikaketsi; ke moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno. BIBELE mme o tla mo kgabelaka, a mmee hara baikaketsi, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.” Baasraak Sotho NT O tla mo kgaola dikoto, a mo bee kabelo ya hae le baikaketsi; teng ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 O tla mo kgaola dikoto, a mo bee kabelo ya hae le baikaketsi; teng ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno. |
Baetsadibe ba Sione ba tla thothomela; tshoho e tla tshwara baikaketsi, ba tla re: Ke mang hara rona ya tla tiya, a eme pela mollo o tjhesang? Ke mang ya tla tiya, a eme pela malakabe a sa timeng?
Eo ke kabelo ya hao, karolo eo ke o lekanyetsang yona, ho bolela Jehova, hobane o hlile wa ntebala, mme o itshepetse leshano.
Yaba morena o re ho bahlanka: Mmofeng maoto le matsoho, le mo nke, mme le mo lahlele lefifing le kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.
morena wa mohlanka eo o tla fihla ka letsatsi leo a sa mo lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng.
Lahlelang mohlanka ya sebodu mafifing a kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.
Empa bara ba mmuso ba tla lahlelwa lefifing le kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.
morena wa mohlanka eo o tla tla ka tsatsi leo a sa mo lebellang, le ka hora eo a sa e tsebeng; mme o tla mo pomahanya dikoto, a mo fe kabelo ya hae le ba sa tshepeheng.
Ke moo ho tla ba dillo le ditsikitlano tsa meno, ha le bona Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, le baporofeta bohle, mmusong wa Modimo, mme lona la lahletswe ntle.