Bonang letsatsi! bonang, le tlile! tsatsi la hao le fihlile, thupa ya ho otla e thuntse, boikakaso bo tswile monoko.
Mattheu 24:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e tle e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang. BIBELE Molaetsa ona o molemo wa Mmuso o tla phatlalatswa lefatsheng lohle, e le bopaki ho ditjhaba tsohle, mme ebe jwale ho tla bofelo.” Baasraak Sotho NT Mme Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang. |
Bonang letsatsi! bonang, le tlile! tsatsi la hao le fihlile, thupa ya ho otla e thuntse, boikakaso bo tswile monoko.
Hape, ke re ho lona: Ba babedi ho lona ha ba dumellane lefatsheng, ntho tsohle tseo ba di kopang, ba tla di newa ke Ntate ya mahodimong.
Eitse hobane a dule thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena ba nnotshi, ba re ho yena: Re bolelle nako taba tseo di tla etsahala ka yona, le ntho eo e tla ba pontsho ya ho tla ha hao, le ya ho fela ha lefatshe.
Le tla utlwa dintwa le medumo ya dintwa; le mpe le bone hore le se ke la tshoha; tseo tsohle e ka kgona di etsahale, empa le moo ha e eso ho be bona bofelo.
Jesu a ya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ea mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle e ho batho.
Jesu a tsamaya, a tjhalakela metse yohle le metsana, a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle.
Mehleng eo, ha hlaha taelo ya Sesare Augusto, e reng, ho ngolwe palo ya baahi ba lefatshe lohle.
ho tle ho bolelwe ka lebitso la hae pako le tshwarelo ya dibe ho ditjhaba tsohle, ho qala ka Jerusalema.
Yaba Diabolose o mo isa thabeng e telele, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe ka motsotso o le mong.
ka di fihlisa letsatsing leo a nyoloseditsweng lehodimong ka lona, hobane a laele, ka Moya o Halalelang, baapostola bao a ba kgethileng;
E mong wa bona, ya bitswang Agabuse, a ema, mme a porofeta ka Moya hore tlala e kgolo e tla wela lefatshe lohle. E fedile ya hlaha mehleng ya Sesare Klaude.
Hobane o beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatshe ka lona ka ho loka, ka monna eo o mmeetseng hoo, mme o lokiseditse bohle tshepiso ya teng ka ho mo tsosa bafung.
Ha ba sa ba fumane, ba hulela Jasone le baena ba bang pela babusi ba motse, ba howa, ba re: Batho bao ba ferekantseng lefatshe lohle, ba tlile le kwano;
Kotsi ya taba eo, hase feela hore mosebetsi wa rona o tla nyediseha; empa le yona tempele ya mofumahadi Diana, modimo o moholo, e tla etswa lefeela; mme yena ka sebele ya hlomphuwang ke Asia kaofela le lefatshe lohle o tla timellwa ke kganya ya hae.
Mme jwale bonang, ke a tseba hobane, haele lona kaofela, bao ke tsamaileng ke bolela Evangeli hara lona, ha ho e mong ya tla boela a bone sefahleho sa ka.
Empa ke re: Hleka ha ba ka ba e utlwa na! E, ba e utlwile. Tumo ya bona e ile ka lefatsheng lohle, mme dipolelo tsa bona di utlwahetse ho fihlela dipheletsong tsa lefatshe.
ha le fela le tiya tumelong, le theilwe teng, le sa sisinyehe, mme le sa lahle tshepo ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e boleletsweng babopuwa bohle ba tlasa lehodimo; eo nna, Pauluse, ke entsweng mohlanka wa yona.
e fihlileng ha heno, jwalokaha e fihlile lefatsheng lohle, moo e ntseng e beha ditholwana, jwalokaha e etsa hara lona haesale mohla le e utlwileng, le tsebileng mohau wa Modimo kannete;
Hape, mohla o tlisang Mora wa wona wa letsibolo lefatsheng, o itse: Mangeloi wohle a Modimo a mo kgumamele.
Hobane lefatshe le tlang ho tla leo re le bolelang, ha o a ka wa le bea pusong ya mangeloi.
Hape, ka bona lengeloi le leng le fofang mahareng a lehodimo, le tshwere Evangeli ya kamehla le mehla ho e bolella ba ahileng lefatsheng, le ditjhaba tsohle, le mefuta yohle, le dipuo tsohle, le merabe yohle;
Eo ke meya ya batemona, e etsang mehlolo, e yang ho marena a lefatshe le a dinaha tsohle tseo ho ahilweng ho tsona, ho a memela ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo o matla wohle.
Erekaha o bolokile lentswe la mamello ya ka, le nna ke tla o lwela nakong ya moleko, o tlang ho hlahela lefatshe kaofela, ho leka ba ahileng lefatsheng.