Bele o rapaladitswe, Nebo o dihilwe; ditshwantsho tsa bona di belesitswe ka dipelesa le ka diphoofolo, ditshwantsho tseo le neng le di jara di imela dipelesa tse kgathetseng ka boima ba tsona.
Mattheu 23:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba bofa diphahlo tse boima, tse imelang, mme ba di jarisa batho mahetleng, athe bona ha ba rate ho di sisinya le ka monwana. BIBELE Ba tlama mejaro e boima, ba e bee hodima mahetla a batho, empa bona, ka bobona, ha ba utlwisise ho e thetsa le ka monwana. Baasraak Sotho NT Hobane ba tlama mejaro e boima, mme ba e bea mahetleng a batho; empa bona ka bobona ba hana ho di sisinya le ka o mong wa menwana ya bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ba tlama mejaro e boima, mme ba e bea mahetleng a batho; empa bona ka bobona ba hana ho di sisinya le ka o mong wa menwana ya bona. |
Bele o rapaladitswe, Nebo o dihilwe; ditshwantsho tsa bona di belesitswe ka dipelesa le ka diphoofolo, ditshwantsho tseo le neng le di jara di imela dipelesa tse kgathetseng ka boima ba tsona.
Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le ntsha karolo ya leshome ya kwena le anetha le kumine, mme le siya hoo e leng boholo ba molao, e leng tokiso, le mohau, le tumelo; anthe le ne le tshwanetse ho etsa ntho tsena, le ntse le sa tlohele ho etsa tseno.
Ka baka leo, le boloke, mme le etse tsohle tseo ba le bolellang tsona, le mpe le se ke la etsa ka diketso tsa bona; hobane ba bolela, empa ha ba etse.
Jesu a re: Ho madimabe le lona, baruti ba molao; hobane le jarisa batho diphahlo tse ba imelang, mme lona, le hana ho ama diphahlo tseo leha e le ka o mong wa menwana ya lona.
Mme jwale, le lekelang Modimo, ka ho bea molaleng wa barutuwa joko eo bontata rona, leha e le rona, re sitilweng ho e jara,
Ho hopotswe ke Moya o Halalelang le ke rona, hore re se ke ra le jarisa boima bo fetisang, haese ba ditaba tsena tse tshwanelang,
Kanthe esita le bona ba bollang, ha ba boloke molao; empa ba rata ha le ka bolla, ba tle ba ithorise ka nama ya lona.
Hobane ho rata Modimo, ke ha re boloka ditaelo tsa wona, mme ditaelo tsa wona ha di boima.
Haele lona, le ba bang ba Thiatire, ba sa yeng ka thuto eo, ba sa kang ba tseba matebo a Satane, kamoo ba a bitsang kateng, ke a le bolella hore nke ke ka le bea boima bo bong.