Melomo e tukang le pelo e mpe, di jwaloka lelwapi la silefera le manehilweng hodima pitsa ya letsopa.
Mattheu 23:27 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le jwaloka mabitla a kwetlisitsweng, a nang le ponahalo e ntle kantle, kanthebo, kahare, a tletse masapo a bafu le ho bola hohle. BIBELE “Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le jwaloka mabitla a kwetlisitsweng, a tadimehang a kgahleha kantle, empa kahare a tletse masapo a bafu le dibodu tsohle. Baasraak Sotho NT Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le jwaloka mabitla a sweufaditsweng, a bonahalang a le matle kantle, empa kahare a tletse masapo a bafu le ditshila tsohle. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le jwaloka mabitla a sweufaditsweng, a bonahalang a le matle kantle, empa kahare a tletse masapo a bafu le ditshila tsohle. |
Melomo e tukang le pelo e mpe, di jwaloka lelwapi la silefera le manehilweng hodima pitsa ya letsopa.
E mong le e mong ya tla ama motho ya bolailweng naheng ka lerumo, kapa setopo, kapa masapo a batho, kapa lebitla, etlaba ha a hlweka ho fihlela matsatsi a supileng.
Le lona, ho batho ba le tadimang kantle, ho jwaloka eka le lokile, athe kahare ho lona le tletse boikaketsi le bokgopo.
Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi, hobane le jwaloka mabitla a sa bonahaleng, ao batho ba a hatang ba sa tsebe.
Empa Pauluse a re ho yena: Modimo o tla o phobola, wena lerako le kwetlisitsweng; hobane o duletse ho nkahlola ka molao; athe ha o laela hore ke phobolwe, o tlola molao!
Bohle ba ratang ho kgahlisa ka nama, ba le phehella ho bolla, hore ba tle ba se ke ba hlorisetswa sefapano sa Kreste.