Mattheu 23:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho madimabe lona, batsamaisi ba foufetseng, le reng: Motho ha a anne ka tempele, ha ho nang; empa ha a anne ka kgauta ya tempele, o tlamilwe. BIBELE “Le madimabe lona batsamaisi ba foufetseng, ba reng: ‘Ha motho a hlapanya ka Tempele, tlhapanyo eo hase letho, empa ha a hlapanya ka kgauta ya Tempele, o tlangwa ke tlhapanyo eo.’ Baasraak Sotho NT Ho madimabe lona batsamaisi ba difofu, ba reng: Ha motho a hlapanya ka tempele, hase letho; empa ya anang ka kgauta ya tempele, o molato; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho madimabe lona batsamaisi ba difofu, ba reng: Ha motho a hlapanya ka tempele, hase letho; empa ya anang ka kgauta ya tempele, o molato; |
Ba tloheleng; ke difofu tse tsamaisang difofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, di tla wela sekoting tse pedi.
Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena.
Mawatla le difofu! ho hoholo keng? Na ke kgauta, kapa a ke tempele e halaletsang kgauta na?
Mawatla le difofu! ho hoholo keng? Na ke kabelo, kapa ke aletare e halaletsang kabelo na?
Mofarisi ya sefofu! hlatswa mohope le sejana kahare ho tsona pele, bokantle ba tsona bo tle bo hlweke le bona.
Mme ke boela ke omela ho motho e mong le e mong ya ka bollang, hore o tshwanetse ho etsa ka molao kaofela ha wona.
Haholoholo, banabeso, se hlapanyeng, leha e le ka lehodimo, leha e le ka lefatshe, leha e le ka kano efe le efe; empa e ya lona e ke e be e, le tjhe ya lona e be tjhe, le tle le se ke la tshoha le wela kahlolong.