Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 23:16 - BIBELE

16 “Le madimabe lona batsamaisi ba foufetseng, ba reng: ‘Ha motho a hlapanya ka Tempele, tlhapanyo eo hase letho, empa ha a hlapanya ka kgauta ya Tempele, o tlangwa ke tlhapanyo eo.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ho madimabe lona, batsamaisi ba foufetseng, le reng: Motho ha a anne ka tempele, ha ho nang; empa ha a anne ka kgauta ya tempele, o tlamilwe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Ho madimabe lona batsamaisi ba difofu, ba reng: Ha motho a hlapanya ka tempele, hase letho; empa ya anang ka kgauta ya tempele, o molato;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Ho madimabe lona batsamaisi ba difofu, ba reng: Ha motho a hlapanya ka tempele, hase letho; empa ya anang ka kgauta ya tempele, o molato;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 23:16
14 Referencias Cruzadas  

Baetapele ba tjhaba sena ba a se kgelosa, ebe ba tsamaiswang bona ba a timela.


Ba tloheleng, ke difofu tse tataisang difofu tse ding. Haeba sefofu se tataisa sefofu se seng, bobedi di tla wela ka lengopeng.”


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena.


Dithoto ting le difofu ting! Ho hoholo ke hofe: Ke kgauta kapa Tempele e halaletsang kgauta eo?


Difofu ting! Ho hoholo ke hofe: Ke mpho kapa aletare e halaletsang mpho eo?


Batsamaisi ting ba difofu, ba okolang monwang, empa ba metseletse kamele!


Sefofu towe sa Mofarisi! Qala ka ho hlwekisa bokahare ba mohope e le hore bokantle ba wona le bona bo tle bo hlweke.


Ke paka hape hore mang le mang ya bollang o tlamehile ho phetha Molao wa Moshe kaofela.


Ho feta tsohle, bana beso, le se ke la hlapanya leha e le ka lehodimo kapa ka lefatshe, leha e le ka mokgwa ofe kapa ofe. Ha le re “e”, le re “e”; ha le re “tjhe”, le re “tjhe”; e le hore le se ke la welwa ke kahlolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos