Yaba Lota o tswa ho ya tsebisa bakgwenyana ba hae, ba neng ba tla nyala baradi ba hae, mme a re: Tsohang, le tswe nqalong ena, hobane Jehova o ya timeletsa motse! Empa ho bakgwenyana ba hae ha eba jwaloka hojane o a swaswa.
Mattheu 22:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa bao ba nyedisa, mme ba ya, e mong tshimong ya hae, e mong papatsong ya hae. BIBELE “Empa bamemuwa ba se ke ba ba natsa, ba itsamaela; e mong a ikela masimong, e mong a ikela kgwebong ya hae. Baasraak Sotho NT Empa ba iphapanya, ba ikela, e mong a ya tshimong ya hae, e mong a ya kgwebong ya hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ba iphapanya, ba ikela, e mong a ya tshimong ya hae, e mong a ya kgwebong ya hae. |
Yaba Lota o tswa ho ya tsebisa bakgwenyana ba hae, ba neng ba tla nyala baradi ba hae, mme a re: Tsohang, le tswe nqalong ena, hobane Jehova o ya timeletsa motse! Empa ho bakgwenyana ba hae ha eba jwaloka hojane o a swaswa.
Yaba Jakobo o fa Esau bohobe le moapeho wa dinawa; mme a ja, a nwa, a ntoo ikela. Esau o ne a nyedise boholwane ba hae ka mokgwa o jwalo.
Haele ya e amohetseng hara meutlwa, ke ya utlwang lentswe; empa ho belaella dintho tsa lefatshe lena, le ho thetsa ha lefumo, ho pupetsa lentswe, mme le nyope.
A boela a roma bahlanka ba bang, a re: Bolellang ba memilweng, le re: Bonang, ke lokisitse mokete wa ka, dikgomo tsa ka le dinonneng tsa ka di hlabilwe; ntho tsohle di se di lokile; tloong bohading.
A ba a re ho ba bapatsang ka maeba: Tlosang dintho tsena mona, mme ntlo ya Ntate le se ke la e etsa ntlo ya ho rekela.
Empa ha a ntse a bolela ho loka, le boitshwaro, le kahlolo e tla tla, Felikse a tshwarwa ke ho tshaba, mme a bua, a re: O ka ikela jwale; mohla ke boelang ke bona sebaka, ke tla boela ke o bitse.
Kapa, o nyedisa monono wa mosa wa wona, le wa sebete sa wona, le wa pelo ya wona e telele, ka ho se lemohe hoba molemo wa Modimo o o kgannela pakong na?
ana re tla phonyoha jwang, ha re sa hlokomele poloko e kalo, e neng e qale ho bolelwa pele ke Morena, ya ntoo tiiswa ho rona ke ba e utlwileng,
Mme ka baka la takatso ya bona ya ho rua ka lona, ba tla le thetsa ka dipolelo tsa mano; empa kahlolo eo e seng e le kgale ba e abetswe, ha e diehe, mme timelo ya bona ha e robale.