4 A boela a roma bahlanka ba bang, a re: Bolellang ba memilweng, le re: Bonang, ke lokisitse mokete wa ka, dikgomo tsa ka le dinonneng tsa ka di hlabilwe; ntho tsohle di se di lokile; tloong bohading.
4 “Ya boela ya roma bahlanka ba bang hape, ya re: ‘Bolellang bamemuwa hore ke lokisitse mokete; dipholo le dinonneng tsa ka di se di hlabilwe, tsohle di lokile, ba tle moketeng.’
ba hana ho utlwa, mme ha ba ka ba elellwa dimakatso tsa hao tseo o ba etseditseng tsona; ba mpa ba satalatsa melala ya bona, mme boikgantshong ba bona, ba ipeela morena, ba tle ba kgutlele kgolehong ya bona. Empa wena, o Modimo o tletseng tshwarelo le mohau le lereko, o diehang ho halefa, o tletseng kgauhelo; ke kahoo o sa kang wa ba furalla.
Ke tlile serapeng sa ka, ngwaneso, molebeletswa wa ka, ke ikgoletse mirra ya ka le nonetso ya ka, ka ja kgekge ya dinotshi tsa ka, ka nwa veine ya ka le lebese la ka ... Oho metswalle, jang, le nwe, le tahwe lerato.
Empa le tla fuwa matla mohla Moya o Halalelang o tlang ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ya Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.
Yaba Pauluse le Barnabase ba ba bolella pontsheng, ba re: Ho ne ho tshwanetse hoba lentswe la Modimo le bolellwe lona pele; erekaha le le hana, mme le ikahlola e le lona hore ha le a tshwanelwa ke bophelo bo sa feleng, bonang, re retelehela ho baditjhaba.