Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.
Mattheu 21:24 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a ba araba, a re: Ke tla le botsa taba le nna; ekare ha le mpolella yona, le nna ke tla le bolella matla ao ke etsang ntho tseo ka wona. BIBELE Jesu a ba araba, a re: “Le nna ke tla le botsa potso e le nngwe. Ha le ka mpolella seo ke se botsang, le nna ke tla le bolella hore na ke ka matla afe ke etsang dintho tsena. Baasraak Sotho NT Jesu a araba, a re ho bona: Le nna ke tla le botsa taba e le nngwe; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a araba, a re ho bona: Le nna ke tla le botsa taba e le nngwe; |
Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.
Eitse hobane a fihle tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena, ha a ntse a ruta, ba re: Ntho tseo, o di etsa ka matla afe? Mme matla ao o a neilwe ke mang?
Ana kolobetso ya Johanne e ne e tswa kae? Na e ne e tswa lehodimong, kapa bathong? Yaba ba eletsana hammoho, ba re: Ha re re: E ne e tswa lehodimong, o tla re: Ha ho le jwalo, ha le a ka la e dumela keng?
Jwale, Jesu a re ho bona: Ha nke ke le botse taba. Na haele ho etsa hantle, e le ho etsa hampe, ho pholosa motho, kapa ho mmolaya, ho loketseng Sabatha ke hofe na?
Le polelo tsa lona e be tse molemo kamehla, tse nokilweng ka letswai, le tle le tsebe kamoo le tshwanetseng ho araba e mong le e mong kateng.