Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 21:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ana kolobetso ya Johanne e ne e tswa kae? Na e ne e tswa lehodimong, kapa bathong? Yaba ba eletsana hammoho, ba re: Ha re re: E ne e tswa lehodimong, o tla re: Ha ho le jwalo, ha le a ka la e dumela keng?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Kolobetso ya Johanne e ne e etswa kae: Lehodimong kapa bathong?” Ba buisana ba le bang, ba re: “Ha re ka re, e ne e etswa lehodimong, o tla re ho rona, na ke ka baka lang re sa kang ra mo dumela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

25 Kolobetso ya Johanne e ne e tswa kae? lehodimong, kapa ho batho? Mme ba eletsana, ba re: Ha re ka re: E ne e etswa lehodimong; o tla re ho rona: Ke ka baka lang ha le sa ka la mo dumela?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Kolobetso ya Johanne e ne e tswa kae? lehodimong, kapa ho batho? Mme ba eletsana, ba re: Ha re ka re: E ne e etswa lehodimong; o tla re ho rona: Ke ka baka lang ha le sa ka la mo dumela?

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 21:25
24 Referencias Cruzadas  

Ba hakanya ka ho bona, ba re: Eka ke hobane re sa ka ra nka mahobe.


Jesu a ba araba, a re: Ke tla le botsa taba le nna; ekare ha le mpolella yona, le nna ke tla le bolella matla ao ke etsang ntho tseo ka wona.


Mme ha re ka re: E ne e tswa bathong, re tshaba bongata, hobane bohle ba re: Johanne ke moporofeta.


Empa ba kgutsa. Yaba o mo nka, a mo fodisa, mme a mo kgutlisa.


Jwale ba eletsana hammoho, ba re: Ha re ka re: E ne e tswa lehodimong, o tla re: Ha le a ka la e dumela keng?


Johanne o mo pakile; a phahamisa lentswe, a re: Ke yena eo ke neng ke mmolela, ha ke re: Ya tlang kamorao ho nna, o moholo ho nna, kahobane a ne a le pele ho nna.


Monna a hlaha, a romilwe ke Modimo, lebitso la hae e le Johanne.


Ya dumelang ho yena ha a ahlolwe; empa ya sa dumeleng o se a ahlotswe, kahobane ha a ka a dumela lebitso la Mora Modimo ya tswetsweng a nnotshi.


Hobane leha dipelo tsa rona di re qosa, Modimo o moholo ho dipelo tsa rona, mme o tseba tsohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos