Hape, ke re ho lona: Ba babedi ho lona ha ba dumellane lefatsheng, ntho tsohle tseo ba di kopang, ba tla di newa ke Ntate ya mahodimong.
Mattheu 21:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Se seng le se seng seo le se kopang ka thapelo, ha le dumela, le tla se newa. BIBELE mme tsohle tseo le di kopang ka thapelo, le dumela, le tla di fumana.” Baasraak Sotho NT Tsohle tseo le di kopang ka thapelo le dumetse, le tla di amohela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Tsohle tseo le di kopang ka thapelo le dumetse, le tla di amohela. |
Hape, ke re ho lona: Ba babedi ho lona ha ba dumellane lefatsheng, ntho tsohle tseo ba di kopang, ba tla di newa ke Ntate ya mahodimong.
Mme lona, ba lonya, ha le tseba ho nea bana ba lona ntho tse molemo, Ntata lona ya mahodimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba kopang ho yena tse molemo!
Ka baka leo, ke re ho lona: Se seng le se seng seo le se kopang ka thapelo, dumelang hoba le se bone, mme se tla ba ho lona.
mme tsohle tseo le tla di kopa ka lebitso la ka, ke tla di etsa, hore Ntate a tlotliswe ka Mora.
Ha le dula ho nna, mme mantswe a ka a dula ho lona, le ka kopa seo le se ratang, mme le tla etsetswa sona.
Ho fihlela jwale, ha le eso ho kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, thabo ya lona e tle e tlale.
Bolellanang ditshito tsa lona, mme le rapellane, le tle le fole. Thapelo ya ya lokileng e na le matla a maholo ho sebetseng ha yona.
Mme seo re se kopang, leha e le sefe le sefe, re se newa ke wona; hobane re boloka ditaelo tsa wona, mme re etsa tse leng ntle pela wona.