A bona sefate sa feiye se pela tsela, a ya ho sona, empa a se ke a fumana letho ho sona, haese mahlaku feela; a re ho sona: Ho se ke ha ba ha hlaha tholwana ho wena le ka ho sa feleng. Yaba sefate sa feiye se omella hanghang.
Mattheu 21:20 - Sesotho 1909/1961 (SO) Barutuwa ha ba bona hoo, ba makala, ba re: Ana sefate sa feiye se omeletse jwang hanghang? BIBELE Barutuwa ha ba se bona ba makala haholo, ba re: “Sefate see sa feiye se omeletse hanghang ka mokgwa o jwang?” Baasraak Sotho NT Barutuwa, ha ba bona hoo, ba makala, ba re: Sefate sa feiye se omeletse hakakang! Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Barutuwa, ha ba bona hoo, ba makala, ba re: Sefate sa feiye se omeletse hakakang! |
A bona sefate sa feiye se pela tsela, a ya ho sona, empa a se ke a fumana letho ho sona, haese mahlaku feela; a re ho sona: Ho se ke ha ba ha hlaha tholwana ho wena le ka ho sa feleng. Yaba sefate sa feiye se omella hanghang.
Jesu a araba, a re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Holane le na le tumelo, le sa belaele, le ka be le etsa, e seng se entsweng ho sefate sa feiye feela, empa leha le be le ka re ho thaba ena: Tloha, o itihele lewatleng, ho ne ho ka etsahala.
Jesu, ha a mo utlwa, a tsota, mme a bolella ba mo latelang, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Ha ke eso ho bone tumelo e kalo, le Iseraeleng.