Jerusalema, baka, esere moya wa ka wa o furalla, esere ka o fetola lesupi, naha e se nang batho.
Mattheu 21:17 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba o a ba tlohela, a tswa motseng, a ya Bethania, mme a robala teng. BIBELE Yaba o tloha ho bona, o tswela kantle ho motse, o ya Bethania, mme a robaletsa teng. Baasraak Sotho NT A ba tlohela, a tswa motseng, a ya Bethania; mme a robala teng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A ba tlohela, a tswa motseng, a ya Bethania; mme a robala teng. |
Jerusalema, baka, esere moya wa ka wa o furalla, esere ka o fetola lesupi, naha e se nang batho.
Leha ba hodisa bana ba bona, ke tla ba amoha bona ba sa le batjha. E, ho madimabe bona, mohla ke ba furallang!
Moloko ona o lonya, o mofebi, o batla pontsho, o mpa o ke ke wa newa pontsho, haese pontsho ya moporofeta Jonase. Yaba o ba tlohela, ikela.
Ha ba se ba atametse Jerusalema, le Bethefage, le Bethania, thabeng ya Mehlwaare, a roma barutuwa ba hae ba le babedi,
Jesu a kena Jerusalema le tempeleng; mme yare ha a qamakile kahohle, ha e se e le nako ya mantsiboya, a tswa, a ya Bethania a ena le ba leshome le metso e mmedi.
Yare ha a le Bethania, tlung ya Simone molepera, a dutse dijong, ha fihla mosadi ya nang le pitsa ya alebastera, e tletseng setlolo sa nareda ya sebele, se theko e thata; a bolaya pitsa ya alebastera, a se tshela hloohong ya Jesu.
Jesu a ikela le barutuwa ba hae, pela lewatle, mme bongata bo boholo ba mo latela, bo etswa Galelea le Judea,
Ba re ba ntse ba tsamaya, a kena motsaneng o mong. Mosadi e mong, ya bitswang Maretha, a mo amohela tlung ya hae.
Eitse ha a atametse Bethefage le Bethania, pela thaba e bitswang ya Mehlwaare, a roma barutuwa ba hae ba le babedi,
Monna ya kulang, ya bitswang Lasaro, o ne a le teng Bethania, motsaneng wa Maria le Maretha, ngwanabo.
Mme Bethania o ne a le haufi le Jerusalema, sebaka e le sa distadia tse ka bang leshome le metso e mehlano.