Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 21:17 - BIBELE

17 Yaba o tloha ho bona, o tswela kantle ho motse, o ya Bethania, mme a robaletsa teng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba o a ba tlohela, a tswa motseng, a ya Bethania, mme a robala teng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 A ba tlohela, a tswa motseng, a ya Bethania; mme a robala teng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 A ba tlohela, a tswa motseng, a ya Bethania; mme a robala teng.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 21:17
16 Referencias Cruzadas  

Itlhokomele ke hona, wena Jerusalema, esere lerato leo ke o ratang ka lona la mphella, ka o fetola nanaola, naha e hlokang baahi.”


Leha ba ka hodisa bana ba bona, ke tla ba timetsa, ba hloke le thokolwana. Ba tla ba madimabe ha ke ba furalla!


Moloko o kgopo, wa bakwenehi, o batla sesupo, empa o ke ke wa newa sesupo, haese sa Jonase.” Yaba o tloha ho bona, o a ikela.


Jesu ha a le Bethania ha Simone, molepera,


Ha ba atamela Jerusalema, Bethefage le Bethania, Thabeng ya Mehlwaare, Jesu a roma ba babedi ba barutuwa ba hae,


Yaba Jesu o kena Jerusalema, ka Tempeleng; hoba a qamake kahohle, kaha e ne e se e le nako ya mantsiboya, a tswa, a ya Bethania a ena le ba leshome le metso e mmedi.


Yare ha e eba mantsiboya, Jesu le barutuwa ba hae ba tswela kantle ho motse.


Yare ha Jesu a le Bethania ha Simone wa molepera, mme a dutse dijong, ha tla mosadi ya nang le pitsana e tletseng setlolo sa nareta ya sebele, se theko e phahameng. A thua pitsana, a se tshela hloohong ya Jesu.


Jesu a ya letsheng le barutuwa ba hae, mme letshwelehadi le tswang Galelea le Judea la mo latela;


Yare ha ba ntse ba eya, Jesu a kena motseng o mong; yaba mosadi e mong ya bitswang Maretha o a mo amohela.


Eitse ha a atamela Bethefage le Bethania, pela thaba e bitswang Thaba ya Mehlwaare, a roma ba babedi ba barutuwa,


Jwale Jesu a ba isa kantle ho motse, a ya le bona ho ya fihla Bethania, a phahamisa matsoho, a ba hlohonolofatsa.


Jwale ho ne ho ena le monna ya kulang, Lasaro wa Bethania, motseng wa habo Maria le ngwanabo, Maretha.


Bethania e ne e le haufi le Jerusalema, sebaka se ka bang dikilomethara tse tharo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos