La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 20:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Jesu, yare ha a ba bileditse ho yena, a re: Le a tseba hoba marena a ditjhaba a di busa, mme baholo ba tsona ba na le puso e thata hodima tsona.

Ver Capítulo

BIBELE

Yaba Jesu o a ba bitsa, o re: “Le a tseba hore babusi ba ditjhaba ba di busa ka thata, mme ba baholo ba di tshwara ka thata.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Jesu a ba biletsa ho yena, a re: Le a tseba hobane babusi ba ditjhaba ba di busa ka thata, mme ba baholo ba di laola.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Jesu a ba biletsa ho yena, a re: Le a tseba hobane babusi ba ditjhaba ba di busa ka thata, mme ba baholo ba di laola.

Ver Capítulo



Mattheu 20:25
14 Referencias Cruzadas  

Jwale he, ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, ha le kgumama, le rapela setshwantsho seo ke se entseng, ke hantle; empa ha le sa kgumame, le tla akgelwa hanghang seboping sa mollo o bohale; mme modimo ke ofe o tlang ho le lokolla letsohong la ka?


ka baka la boholo boo o neng o mo neile jona, ba mefuta yohle le ba ditjhaba tsohle le ba dipuo tsohle ba ne ba mo tshaba kaofela, ba thothomela pela hae; o ne a bolaya eo a ratang ho mmolaya, a phedise eo a ratang ho mo phedisa, a phahamise eo a ratang ho mo phahamisa, a kokobetse eo a ratang ho mo kokobetsa.


Inkeleng joko ya ka, mme le ithute ho nna; hobane ke mosa le pelo e nolo, mme le tla fumanela meya ya lona phomolo.


Ba leshome ha ba utlwa taba eo, ba hlonamela Jakobo le moenae Johanne.


Empa Jesu, yare ha a ba bileditse ho yena, a re ho bona: Le a tseba hobane ba nang le lebitso la marena a ditjhaba ba di busa, mme ba baholo ba bona ba na le puso e thata hodima tsona.


e seng ka ho busa mehlape ya lona ka thata, e mpe e be ka ho etsetsa mohlape mehlala.