Athe, etlare ke sa tloha ho wena, moya wa Jehova o tla o isa moo ke sa tsebeng; jwale ha ke eya, ke tsebisa Akabe, mme a sa o fumane, o tla mpolaya; athe nna, ke leng mohlanka wa hao, ke tshaba Jehova, esale le botjheng ba ka.
Mattheu 20:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yare ha a dumellane le balemi hore moputso wa tsatsi le le leng e tla ba tjhelete ya denare, a ba romela tshimong ya hae ya merara. BIBELE Hoba a dumellane le basebetsi hore moputso e tla ba denare ka letsatsi, a ba romela tshimong ya hae ya morara. Baasraak Sotho NT Eitse hobane a dumellane le basebetsi ka denare ka letsatsi, a ba romela tshimong ya hae ya merara. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse hobane a dumellane le basebetsi ka denare ka letsatsi, a ba romela tshimong ya hae ya merara. |
Athe, etlare ke sa tloha ho wena, moya wa Jehova o tla o isa moo ke sa tsebeng; jwale ha ke eya, ke tsebisa Akabe, mme a sa o fumane, o tla mpolaya; athe nna, ke leng mohlanka wa hao, ke tshaba Jehova, esale le botjheng ba ka.
Ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa puso ya hae, a sa ntsane a le motjha, a qala ho batla Modimo wa Davida ntatae; mme ka lemo sa leshome le metso e mmedi, a qala ho hlwekisa Juda le Jerusalema ka ho tlosa dinqalo tse diphahameng, le diashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse tsholotsweng.
O mpe o hopole Mmopi wa hao matsatsing a botjha ba hao, ho eso ho tle ditshiu tsa tlokotsi, ho eso ho fihle le dilemo tseo ka tsona o tla re: Ha ke sa kgahliswa ke tsona;
Empa mohlanka eo, ha a tswela kantle, a teana le molekane wa hae wa bohlanka, ya nang le molato ho yena wa didenare tse lekgolo; yaba o a mo tshwara, a mo kgama, a re: Lefa molato wa hao.
Hobane mmuso wa mahodimo o tshwana le mong a ntlo ya tswileng e sa le kameso, ho memela tshimo ya hae ya merara balemi.
A araba, a re ho e mong wa bona: Molekana ka, ha ke o je; ana ha o a dumellana le nna ka denare e le nngwe feela na?
A boela a tswa e batlile ho ba hora ya boraro, a bona ba bang ba eme lepatlelong la motse, ba sa etse letho.
Ba memilweng e batlile ho ba hora ya leshome le motso o mong, ha ba etla, e mong le e mong a fumana denare.
Empa yena, ka ho lemoha boikaketsi ba bona, a re ho bona: Le ntekelang na? Ntlisetseng denare, ke e bone.
Hobane o tla ba moholo pela Morena, ha a ka ke a nwa veine le seno se tahang; o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae.
E sa le hosasa, ha a tloha, a ntsha didenare tse pedi, a di nea monga ntlo, a re ho yena: Mo oke, mme seo o tla se ntsha ka ho fetisa sena, ke tla se lefa mohla ke kgutlang.
Mpontsheng denare. E na le setshwantsho sa mang, le lengolo la mang? Ba araba, ba re: La Sesare.
etswe le bonyenyaneng ba hao o hlile wa tseba Mangolo a Halalelang, a lokelang ho o hlalefisetsa ho bolokeha, ka ho dumela ho Jesu Kreste.
Mme ka utlwa lentswe mahareng a dipobuwa tse phelang tse nne, le re: Kgala e le nngwe ya koro e rekwe ka denare, le kgala tse tharo tsa harese ka denare; empa o se ke wa senya ole le veine.
Haele mohlankanyana Samuele, o ne a ntse a sebeletsa Jehova pontsheng ho Eli. Mehleng eo, lentswe la Jehova le be le hlokeha, mme dipono di ne di sa ata.
Jehova a boela a itlhahisa Silo; ke hona Silo moo Jehova a neng a itshenolela Samuele ka lentswe la hae la Jehova.