Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 20:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Mpontsheng denare. E na le setshwantsho sa mang, le lengolo la mang? Ba araba, ba re: La Sesare.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 “Mpontsheng tjhelete ya denare. E na le setshwantsho sa mang le mongolo wa mang?” Ba re: “Ke tsa Sesare.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

24 Mpontsheng denare. E na le setšoantšo le mongolo oa mang? Ba araba, ba re: Tsa Sesare.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Mpontsheng denare. E na le setšoantšo le mongolo oa mang? Ba araba, ba re: Tsa Sesare.

Ver Capítulo Copiar




Luka 20:24
14 Referencias Cruzadas  

Empa mohlanka eo, ha a tswela kantle, a teana le molekane wa hae wa bohlanka, ya nang le molato ho yena wa didenare tse lekgolo; yaba o a mo tshwara, a mo kgama, a re: Lefa molato wa hao.


Yare ha a dumellane le balemi hore moputso wa tsatsi le le leng e tla ba tjhelete ya denare, a ba romela tshimong ya hae ya merara.


A re ho bona: Setshwantsho sena ke sa mang, le lengolo lena ke la mang?


Ba e tlisa. Yaba o re ho bona: Setshwantsho sena ke sa mang, le lengolo lena ke la mang? Ba re ho yena: Ke la Sesare.


Mehleng eo, ha hlaha taelo ya Sesare Augusto, e reng, ho ngolwe palo ya baahi ba lefatshe lohle.


Na ho a re lokela ho ntshetsa Sesare lekgetho, kapa tjhe?


Eitse ha a lemoha mano a bona, a re ho bona: Le ntekelang?


Yaba o re ho bona: Ha ho le jwalo, ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le Modimo tseo e leng tsa Modimo.


Teng ba qala ho mo qosa, ba re: Re bone motho enwa a kgelosa setjhaba, o hana ha ho ntshetswa Sesare lekgetho; hape o ipitsa Kreste, morena.


Ka lemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Tibere Sesare, ha Ponse Pilato e le mmusisi wa Judea, Heroda yena e le moteterareke wa Galelea, Filipi, ngwanabo, e le moteterareke wa Iturea le wa naha ya Trakonita, Lisaniase e le moteterareke wa Abilene;


E mong wa bona, ya bitswang Agabuse, a ema, mme a porofeta ka Moya hore tlala e kgolo e tla wela lefatshe lohle. E fedile ya hlaha mehleng ya Sesare Klaude.


Agripa a re ho Festuse: Motho eo a ka be a lokollwa, hoja a se ke a ipea ho Sesare.


Bahalaledi bohle ba le dumedisa, empa haholo bao e leng ba ntlo ya Sesare.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos