Hadade, ha a utlwa, a le Egepeta, hobane Davida o orohetse ho bontatae, le hobane Joabe, molaodi wa makgotla, o faletse, a re ho Faro: Mphe tsela, ke boele naheng ya heso.
Mattheu 2:20 - Sesotho 1909/1961 (SO) Tsoha, o nke ngwana le mmae, mme o kgutlele lefatsheng la Iseraele; hobane ba neng ba batla moya wa ngwana, ba se ba shwele. BIBELE la re: “Tsoha, o nke ngwana le mmae, o boele naheng ya Iseraele, hobane ba neng ba batla bophelo ba ngwana ba shwele.” Baasraak Sotho NT A re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o ye naheng ya Iseraele; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o ye naheng ya Iseraele; |
Hadade, ha a utlwa, a le Egepeta, hobane Davida o orohetse ho bontatae, le hobane Joabe, molaodi wa makgotla, o faletse, a re ho Faro: Mphe tsela, ke boele naheng ya heso.
Ka baka leo, Salomone a batla ho bolaya Jeroboame, empa Jeroboame a tloha, a tshabela Egepeta ho Shishake, morena wa Egepeta, a dula Egepeta, Salomone a ba a shwa.
Jehova a re ho Moshe naheng ya Midiane: Tsamaya, o kgutlele Egepeta, hobane batho kaofela ba neng ba batla bophelo ba hao ba shwele.
Ha ba se ba tlohile, lengeloi la Morena la hlahela Josefa ka toro, la re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, mme o dule teng, ke tle ke be ke o bolelle; hobane Heroda o tla batla ngwana ho mmolaya.
Empa, eitse hobane Heroda a shwe, lengeloi la Morena la hlahela Josefa ka toro, Egepeta, la re: