Yaba Jehova Modimo o re: Ha ho molemo hoba motho a dule a nnotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya tshwanang le yena.
Mattheu 19:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ha taba tsa monna le mosadi di dutse jwalo, ha ho molemo ho nyala. BIBELE Barutuwa ba hae ba re ho yena: “Haeba boo ke boemo ba ditaba tsa monna le mosadi, ha ho molemo ho nyala.” Baasraak Sotho NT Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ha taba ya monna le mosadi e ntse e le jwalo, ha ho molemo ho nyala. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Barutuwa ba hae ba re ho yena: Ha taba ya monna le mosadi e ntse e le jwalo, ha ho molemo ho nyala. |
Yaba Jehova Modimo o re: Ha ho molemo hoba motho a dule a nnotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya tshwanang le yena.
Ho ikahela ntlheng ya marulelo ho molemo ho ena le ho dula tlung e kgolo hammoho le mosadi wa dikomang.
Mme ke re ho lona: E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, haese ka baka la bofebe, a nyala e mong, o a feba; le ya nyalang ya hladilweng, le yena o a feba.
Haele masoha le basadi ba bahlolohadi, ke re ho bona: Ho ka ba molemo ho bona ho dula jwaloka nna.
ba tlang ho hana ha batho ba nyala, ba tla re, ho tshajwe dijo tseo Modimo o di bopileng hore ba dumetseng, ba tsebang nnete, ba di amohele ka teboho.