Hobane leha motho a ka rua lefatshe lohle, ha a timeletswe ke moya wa hae, ekaba o ruileng ka lona na? Kapa motho moya wa hae a ka o reka kang?
Mattheu 18:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha leihlo la hao le o dihela, o le honye, o le lahlele hole le wena. Ho molemo ho wena ho kena bophelong o le moihlwe, ho ena le ho lahlelwa mollong wa dihele, o ena le mahlo a mabedi. BIBELE Ha leihlo la hao le o dihela sebeng, le honye, o le lahle; ho molemo ho wena ho kena bophelong o le moihlwe, ho ena le ho lahlelwa mollong wa dihele o le mahlo a mabedi.” Baasraak Sotho NT Ekare ha leihlo la hao le o dihela sebeng, le honye, o le lahlele hole le wena; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ekare ha leihlo la hao le o dihela sebeng, le honye, o le lahlele hole le wena; |
Hobane leha motho a ka rua lefatshe lohle, ha a timeletswe ke moya wa hae, ekaba o ruileng ka lona na? Kapa motho moya wa hae a ka o reka kang?
Empa letsoho la hao, kapa leoto, ha le o dihela, o le pome, o le lahlele hole le wena; hobane ho molemo ho wena ho kena bophelong leha o le tsohane, kapa o le sehlotsa, ho ena le ho lahlelwa mollong o sa feleng, o ena le maoto a mabedi, kapa matsoho a mabedi.
Jesu a re ho yena: Na o mpitsetsang ya molemo? Ya molemo ke Modimo o nnotshi. Empa ha o rata ho kena bophelong, o boloke melao.
Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya halefelang ngwanabo feela, o tla tshwanelwa ke kahlolo; ya reng ho ngwanabo: Raka, o tla tshwanelwa ke kahlolo ya lekgotla; mme ya reng ho yena: O lehlanya, o tla tshwanelwa ke mollo wa dihele.
Ekare ha leihlo la hao le letona le o dihela, o le honye, mme o le lahlele hole le wena; hobane ho ka ba molemo ho wena ha setho sa hao se timela se le seng feela, mmele wohle wa hao o se ke wa lahlelwa diheleng.
Leihlo la hao ha le o dihela, o le honye; ho ka bang molemo ho wena ke ha o kena mmusong wa Modimo o le moihlwe, e seng ho lahlelwa mollong wa dihele o ena le mahlo a mabedi;
ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.
A re ke re itlhahaneleng ke hona ho kena phomolong eo, esebe e mong a tshoha a ewa ke ho ya ka mohlala wa bao ba sa kang ba dumela.
Ha ho ntho e ditshila e tla kena teng, leha e le ba etsang manyala le leshano, ho tla kena ba ngodilweng bukeng ya bophelo ya Konyana feela.