Mattheu 18:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, ke re ho lona: Ba babedi ho lona ha ba dumellane lefatsheng, ntho tsohle tseo ba di kopang, ba tla di newa ke Ntate ya mahodimong. BIBELE “Hape ke re ho lona: Haeba ba babedi ba lona ba eba ntsweleng nthong e nngwe le e nngwe eo ba e kopang lefatsheng, ba tla e etsetswa ke Ntate ya mahodimong, Baasraak Sotho NT Hape ke re ho lona: Ekare ha ba babedi ba lona ba dumellana lefatsheng ka ntho efe le efe eo ba e kopang, ba tla e etsetsa ke Ntate ya mahodimong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hape ke re ho lona: Ekare ha ba babedi ba lona ba dumellana lefatsheng ka ntho efe le efe eo ba e kopang, ba tla e etsetsa ke Ntate ya mahodimong. |
siya kabelo ya hao moo, pela aletare, o ye ho boelana le ngwaneno pele, o ntano tla hlahisa kabelo ya hao.
Ka baka leo, ke re ho lona: Se seng le se seng seo le se kopang ka thapelo, dumelang hoba le se bone, mme se tla ba ho lona.
Hase lona le nkgethileng, ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, mme le behe, mme ho beha ha wona ho tiye, e leng hore tsohle tseo le ka di qelang ho Ntate ka lebitso la ka, a le fe tsona.
Ha le dula ho nna, mme mantswe a ka a dula ho lona, le ka kopa seo le se ratang, mme le tla etsetswa sona.
Ka tsatsi leo, ha le ka ke la mpotsa letho. Kannetenete ke re ho lona: Ntho tsohle tseo le tla di qela ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le fa tsona.
Bao bohle ba nna ba tiisetsa ka pelo e le nngwe ho rapela le ho kopa, ba ena le basadi, le Maria, mma Jesu, le banababo.
Petrose a nna a lebelwa teronkong jwalo; empa kereke yona e ne e sa phetse ho mo rapella ho Modimo.
Yare ha a bone pono eo, ra itokisetsa hang ho ya Masedonia ka ho re, Morena o re bileditse teng, ho ya ba bolella Evangeli.
Ke tswe ke tseba hobane hoo ho tla mphetohela polokeho ka merapelo ya lona, le ka tshitso ya Moya wa Jesu Kreste,
Mme seo re se kopang, leha e le sefe le sefe, re se newa ke wona; hobane re boloka ditaelo tsa wona, mme re etsa tse leng ntle pela wona.