Jwale, banna ba babedi, bara ba Beliale, ba tla ba ema mabapa le yena; banna bao ba qosa Nabothe pontsheng ho setjhaba, ba re: Nabothe o nyefotse Modimo le morena. Ba ntoo mo isa kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe, a shwa.
Mattheu 18:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ha a sa o mamele, o ye le e mong, leha ba ka ba babedi, polelo tsohle di tle di tiye ke melomo ya dipaki tse pedi kapa tse tharo. BIBELE Empa ha a sa o mamele, nka motho a le mong kapa ba babedi, e le hore taba efe kapa efe e tiiswe ka bopaki ba batho ba babedi kapa ba bararo, Baasraak Sotho NT Empa ha a sa o mamele, o nke a le mong kapa ba babedi ba bang, e le hore ka melomo ya dipaki tse pedi kapa tse tharo taba e nngwe le e nngwe e ka tiiswa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ha a sa o mamele, o nke a le mong kapa ba babedi ba bang, e le hore ka melomo ya dipaki tse pedi kapa tse tharo taba e nngwe le e nngwe e ka tiiswa. |
Jwale, banna ba babedi, bara ba Beliale, ba tla ba ema mabapa le yena; banna bao ba qosa Nabothe pontsheng ho setjhaba, ba re: Nabothe o nyefotse Modimo le morena. Ba ntoo mo isa kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe, a shwa.
Ha motho a bolaya e mong, bophelo ba mmolai bo tla kgaolwa ka baka la polelo ya dipaki. Paki e le nngwe e ke ke ya lekana hore motho a ahlolelwe lefu.
Lena ke la boraro ke tlang ho lona ka lona; ditaba tsohle di tla tiya ke melomo ya dipaki tse pedi, leha e le tse tharo.
Ya tshwanelwang ke lefu, a bolawe ka melomo ya dipaki tse pedi, kapa tse tharo; empa a se ke a bolawa ka molomo wa paki e le nngwe.
Paki e le nngwe e ke ke ya lekana ho bea motho molato wa bokgopo, kapa wa sebe sefe le sefe, kapa wa tshito efe le efe eo a ka beng a sitilwe ka yona; empa taba e tla tiiswa ke melomo ya paki tse pedi, kapa ke melomo ya dipaki tse tharo.
O se ke wa amohela qoso e qosang moholo wa kereke, haese ka polelo ya dipaki tse pedi, leha e le tse tharo.
Ya neng a nyedisa molao wa Moshe, o ne a bolawa, ho se mohau ka polelo ya dipaki tse pedi, leha di le tharo;
Mme ke tla nea dipaki tsa ka tse pedi taelo, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng, di ntse di apere lesela le mahwashe.