Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 13:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Lena ke la boraro ke tlang ho lona ka lona; ditaba tsohle di tla tiya ke melomo ya dipaki tse pedi, leha e le tse tharo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Lena e tla ba lekgetlo la boraro ke le etela. Taba efe kapa efe e tla tiiswa ka bopaki ba batho ba babedi kapa ba bararo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Lena ke lekhetlo la boraro ke tla ho lona. Ka melomo ya dipaki tse pedi kapa tse tharo taba tsohle di tla tiiswa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Lena ke lekhetlo la boraro ke tla ho lona. Ka melomo ya dipaki tse pedi kapa tse tharo taba tsohle di tla tiiswa.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 13:1
11 Referencias Cruzadas  

Bona, o tla re o sa bua le morena, le nna ke tla kena kamora hao, ke tiise mantswe a hao.


le bee le banna ba babedi, bara ba Beliale, mabapa le yena, ba mo qose, ba re: O nyefotse Modimo le morena. Le ntoo mo isa kantle, le mo tlepetse ka majwe, a shwe.


Jwale, banna ba babedi, bara ba Beliale, ba tla ba ema mabapa le yena; banna bao ba qosa Nabothe pontsheng ho setjhaba, ba re: Nabothe o nyefotse Modimo le morena. Ba ntoo mo isa kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe, a shwa.


Ha motho a bolaya e mong, bophelo ba mmolai bo tla kgaolwa ka baka la polelo ya dipaki. Paki e le nngwe e ke ke ya lekana hore motho a ahlolelwe lefu.


Empa ha a sa o mamele, o ye le e mong, leha ba ka ba babedi, polelo tsohle di tle di tiye ke melomo ya dipaki tse pedi kapa tse tharo.


Bonang, e se e le lekgetlo la boraro ke itokisetsa ho tla ho lona, mme le jwale nke ke ka le etsetsa boima; hobane ha ke batle tsa lona, empa ke batla lona; etswe e se bana ba tshwanetseng ho bokellela bontata bona, empa e le bontata batho ba tshwanetseng ho bokellela bana ba bona.


Ya tshwanelwang ke lefu, a bolawe ka melomo ya dipaki tse pedi, kapa tse tharo; empa a se ke a bolawa ka molomo wa paki e le nngwe.


Paki e le nngwe e ke ke ya lekana ho bea motho molato wa bokgopo, kapa wa sebe sefe le sefe, kapa wa tshito efe le efe eo a ka beng a sitilwe ka yona; empa taba e tla tiiswa ke melomo ya paki tse pedi, kapa ke melomo ya dipaki tse tharo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos