Leha le hlahisetsa Jehova nyehelo efe le efe, e se ke ya etswa ka ditomoso, hobane le ke ke la tjhesetsa Jehova nyehelo ya setjheso e nang le ditomoso, leha e le dinotshi.
Mattheu 16:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a re ho bona: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi. BIBELE Jesu a re ho bona: “Ebang sedi, le hlokomele tomoso ya Bafarisi le Basaduke.” Baasraak Sotho NT Jesu a re ho bona: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a re ho bona: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi. |
Leha le hlahisetsa Jehova nyehelo efe le efe, e se ke ya etswa ka ditomoso, hobane le ke ke la tjhesetsa Jehova nyehelo ya setjheso e nang le ditomoso, leha e le dinotshi.
Bafarisi le Basadusi ba tla, ba leka Jesu ka ho kopa hore a ba etsetse pontsho e tswang lehodimong.
Ha le utlwisise keng hore ha ke bolele mahobe, ha ke re, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi?
Jwale, ba utlwisisa hore ditomoso tseo a itseng ba di tshabe, hase tsa bohobe, empa e le tsa thuto ya Bafarisi le ya Basadusi.
Empa, yare ha a bona bafarisi le basaddusi ba bangata ba tla kolobetsong ya hae, a ba bolella, a re: Madinyane a marabe, le tshositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?
Jesu a ba laya, a re: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa bafarisi le ditomoso tsa Heroda.
Ho sa le jwalo, batho ba dikete ba ne ba phuthehile hammoho, ba bile ba hatellana; mme Jesu a qala ho bua le barutuwa ba hae pele, a re: Le tshabe ditomoso tsa bafarisi, e leng boikaketsi.
A eketsa a re ho bona: Iponeleng, le ipoloke bakeng sa takatso ya leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tswa bongateng ba dintho tseo a di ruileng, leha di mo atetse haholo.