Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 2:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Leha le hlahisetsa Jehova nyehelo efe le efe, e se ke ya etswa ka ditomoso, hobane le ke ke la tjhesetsa Jehova nyehelo ya setjheso e nang le ditomoso, leha e le dinotshi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 “ ‘Nyehelo efe le efe ya dijo, eo o e etsetsang Morena, e se ke ya lomoswa. O se ke wa tjhesa tomoso kapa mahe a dinotshi, e le setjheso se etsetswang Morena.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 2:11
19 Referencias Cruzadas  

O se ke wa hlahisa madi a mahlabelo a ka hammoho le bohobe bo lomositsweng, mme mafura a mokete wa ka a se ke a lala a boloketswe hosasane.


o ntoo di tlosa matsohong a bona, mme o di tjheseletse aletareng, setjhesong, e be monko o monate pela Jehova; ke sehlabelo se tjheseditsweng Jehova.


O se ke wa hlahisa madi a sehlabelo sa ka a ena le bohobe bo lomositsweng, mme sehlabelo sa mokete wa Paseka se se ke sa hloha bosiu ho bolokelwa hosasane.


Ngwana ka, ja dinotshi, hoba di monate, le makgeha a dinotshi, hoba a monate lehanong la hao.


Na o fumane dinotshi? O di je ka tekano, esere mohlomong wa tenwa, mme wa di hlatsa.


Ho kgora dinotshi tse ngata hampe ha ho monate; ho jwalo ba ipatlelang hlompho, ba imelwa ke yona.


O tla hlatswa diteng le ditlhako ka metsi, mme moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke sona setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Moprista o tla apara kojwana ya hae ya lene; o tla apesa bofeela ba hae ka borikgwana ba lene, a ole molora wa setjheso se tjhesitsweng ka mollo aletareng, mme a o bee kathoko ho aletare.


Jesu a re ho bona: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi.


Jesu a ba laya, a re: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa bafarisi le ditomoso tsa Heroda.


Ho sa le jwalo, batho ba dikete ba ne ba phuthehile hammoho, ba bile ba hatellana; mme Jesu a qala ho bua le barutuwa ba hae pele, a re: Le tshabe ditomoso tsa bafarisi, e leng boikaketsi.


Empa le iponele, hore dipelo tsa lona di se ke tsa imelwa ke ho ja le ho nwa hampe, le ke dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le tshwara sehloho;


ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.


Tomoso e nyenyane e hohomosa hlama kaofela.


a tle a se ke a hlola a sa phela ka ditakatso tsa batho, mehleng e sa setseng ho yena ho phela nameng ka yona, e mpe e be ka ho rata ha Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos