Yaba Jehova o re: Moya wa ka o ke ke wa nna wa eba ho motho kamehla, etswe le hona e le nama feela; ditshiu tsa hae e tla ba dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi.
Mattheu 16:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Moloko ona o lonya, o mofebi, o batla pontsho, o mpa o ke ke wa newa pontsho, haese pontsho ya moporofeta Jonase. Yaba o ba tlohela, ikela. BIBELE Moloko o kgopo, wa bakwenehi, o batla sesupo, empa o ke ke wa newa sesupo, haese sa Jonase.” Yaba o tloha ho bona, o a ikela. Baasraak Sotho NT Moloko o kgopo, o mofebi, o batla pontsho; mme ha o ka ke wa newa mohlolo, haese pontsho ya moporofeta Jonase. A ba tlohela, a ikela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Moloko o kgopo, o mofebi, o batla pontsho; mme ha o ka ke wa newa mohlolo, haese pontsho ya moporofeta Jonase. A ba tlohela, a ikela. |
Yaba Jehova o re: Moya wa ka o ke ke wa nna wa eba ho motho kamehla, etswe le hona e le nama feela; ditshiu tsa hae e tla ba dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi.
Leha ba hodisa bana ba bona, ke tla ba amoha bona ba sa le batjha. E, ho madimabe bona, mohla ke ba furallang!
Yaba Jehova o romela hlapi e kgolo ho metsa Jonase, Jonase a ba a dula mpeng ya hlapi matsatsi a mararo le masiu a mararo.
Ba tloheleng; ke difofu tse tsamaisang difofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, di tla wela sekoting tse pedi.
Jesu a sisimoha moyeng wa hae, a re: Moloko ona o kopelang pontsho? Kannete ke a le bolella, ke re: Moloko ona ha o ka ke wa newa pontsho.
Hobane ya hlajwang ke dihlong ka nna le ka ditaba tsa mohla a tlang ka kganya ka, pela moloko wona o mofebi, o moetsadibe, le yena Mora motho o tla mo hlabelwa ke dihlong, mohla a tlang ka kganya ya Ntatae hammoho le mangeloi a halalelang.
Empa ha ba hana, mme ba nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: Madi a lona a be hodima lihlooho tsa lona; haele nna, ke hlwekile bakeng sa wona; ho tloha jwale, ke ikela ho baditjhaba.
A tiisa ka ditaba tse ding tse ngata, a ba kgothatsa, a re: Ipolokeng mofuteng ona o kgopo.