Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 16:4 - BIBELE

4 Moloko o kgopo, wa bakwenehi, o batla sesupo, empa o ke ke wa newa sesupo, haese sa Jonase.” Yaba o tloha ho bona, o a ikela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Moloko ona o lonya, o mofebi, o batla pontsho, o mpa o ke ke wa newa pontsho, haese pontsho ya moporofeta Jonase. Yaba o ba tlohela, ikela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Moloko o kgopo, o mofebi, o batla pontsho; mme ha o ka ke wa newa mohlolo, haese pontsho ya moporofeta Jonase. A ba tlohela, a ikela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Moloko o kgopo, o mofebi, o batla pontsho; mme ha o ka ke wa newa mohlolo, haese pontsho ya moporofeta Jonase. A ba tlohela, a ikela.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 16:4
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Morena o re: “Moya wa ka o ke ke wa hlola ka ho motho kamehla eohle, hobane motho ke nama feela. Ditshiu tsa hae e tla ba dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi.”


“Lona bana ba baloi atamelang mona, le lona bana ba difebe, le lona ba diotswa!


Efraime o kgomaretse medingwana, mo leseng, le mo tlohele.


Leha ba ka hodisa bana ba bona, ke tla ba timetsa, ba hloke le thokolwana. Ba tla ba madimabe ha ke ba furalla!


Lentswe la Morena la fihla ho Jonase, mora wa Amitai, la re:


Yaba Morena o laela leruarua ho metsa Jonase. Jonase a ba ka mpeng ya leruarua leo ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.


Ba tloheleng, ke difofu tse tataisang difofu tse ding. Haeba sefofu se tataisa sefofu se seng, bobedi di tla wela ka lengopeng.”


Ha barutuwa ba tshelela mose wane, ba lemoha hore ba lebetse ho inkela bohobe.


Jesu a sisimoloha moyeng, a re: “Moloko ona o batlelang sesupo? Kannete ke a le bolella, moloko ona ha o ka ke wa newa sesupo!”


Mang le mang ya tla hlajwa ke dihlong ka baka la ka, le ka lebaka la dipolelo tsa ka, molokong ona wa bakwenehi, wa baetsadibe, le Mora Motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae ha a etla ka tlotla ya Ntatae, a ena le mangeloi a halalelang.”


Empa yare ha ba mo hanyetsa, ba mo nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: “Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; nna ha ke na molato. Ho tloha jwale ke tla ya ho baditjhaba.”


A paka le ka mantswe a mang a mangata, a ba kgothatsa, a re: “Ipholoseng molokong ona o kgopo!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos