Yaba o re: Ntese ke ye, hobane mafube a hlahile. A mpa a re: Ha nka ke ka o lesa wa ya, o eso ho ntlhohonolofatse.
Mattheu 15:25 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba mosadi o mo atamela, a kgumama, a re ho yena: Morena, nthuse! BIBELE Empa mosadi a tla, a itihela maotong a hae, a re: “Nthuse, Morena!” Baasraak Sotho NT Yaba mosadi o tla ho yena, a kgumama, a re: Morena, nthuse! Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba mosadi o tla ho yena, a kgumama, a re: Morena, nthuse! |
Yaba o re: Ntese ke ye, hobane mafube a hlahile. A mpa a re: Ha nka ke ka o lesa wa ya, o eso ho ntlhohonolofatse.
A betana le lengeloi, a ba a le hlola, a ntse a lla, a le rapela. A le fumana Bethele, mme teng le buile le rona.
Jesu a mpa a mo araba, a re: Ha ho hotle ho amoha bana bohobe ho ba akgela dintjanyana.
Mme bongata jwa ba kgalemela, jwa re, ba kgutse; empa bona ba eketsa ho howa, ba re: O re utlwele bohloko, Morena, mora Davida!
Mme bonang, ha tla molepera ho yena, a mo kgumamela, a re: Morena, ha o rata, o na le matla a ho nntlafatsa.
mme o mo lahletse hangata mollong le metsing, o tle o mo timetse. Empa ha o ka tseba ho thusa, re utlwele bohloko, mme o re thuse.
Yaba ntata ngwana o phakisa a phahamisa lentswe ka meokgo, a re: Ke a dumela, Morena! nthuse ho se dumeleng ha ka.