Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 12:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 A betana le lengeloi, a ba a le hlola, a ntse a lla, a le rapela. A le fumana Bethele, mme teng le buile le rona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 A kolokotjhana le lengeloi, a le hlola, a ba a le kopa tlhohonolofatso, a le kopa yona ka dikeledi. A teana le Modimo a le Bethele, a bua le yena a le hona moo.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 12:4
18 Referencias Cruzadas  

Moenae a tswa kamora hae, letsoho la hae le tshwere serethe sa Esau; mme a rewa lebitso la Jakobo. Isaaka e ne e le motho ya dilemo tse mashome a tsheletseng, mohla ba tswalwang.


Yaba Jakobo o sala a nnotshi, mme motho a betana le yena ho isa mafube ha a hlaha.


Eitse ha a bona hoba o sitwa ho mo hlola, a ama motso wa noka ya hae, yaba motso wa noka ya Jakobo o a nonyetseha, a sa ntse a betana le yena.


Yaba o re: Ntese ke ye, hobane mafube a hlahile. A mpa a re: Ha nka ke ka o lesa wa ya, o eso ho ntlhohonolofatse.


Jakobo a mmotsa, a re: Ako mpolelle hle lebitso la hao. Yaba o re: Ke ka baka lang ha o mpotsa lebitso la ka? A mo hlohonolofatsa moo.


Mme Jakobo a rea nqalo eo Modimo o buileng le yena ho yona lebitso la Bethele.


Yaba o hlohonolofatsa Josefa, a re: Modimo oo bontate Abrahama le Isaaka ba tsamaileng pontsheng ya wona, Modimo o ntisitseng esale ke hlaha ho fihlela kajeno lena,


O ile wa pshesa bodiba ba lewatle, ba tshela noka ka maoto, ra ba ra ithabela ho wona.


Ditsietsing tsohle tsa bona a ba tsietsing le bona, lengeloi la sefahleho sa hae la ba pholosa; o ba lopolotse ka lerato le ka mohau wa hae, a ba tiisa, a ba jara mehleng yohle ya boholoholo.


Bonang, ke a roma lenqosa la ka, le tle le hleke tsela pela ka; mme hang, Morena eo le mmatlang o tla kena tempeleng ya hae, e leng lengeloi la selekane leo le le lakatsang. Bonang, o a tla, ho bolela Jehova wa makgotla.


Ebe moo, rona ba phelang, ba saletseng nakong eo, re nkelwang marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng; mme ka mokgwa o jwalo, re tla ba le Morena kamehla.


Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos