Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 12:4 - BIBELE

4 A kolokotjhana le lengeloi, a le hlola, a ba a le kopa tlhohonolofatso, a le kopa yona ka dikeledi. A teana le Modimo a le Bethele, a bua le yena a le hona moo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 A betana le lengeloi, a ba a le hlola, a ntse a lla, a le rapela. A le fumana Bethele, mme teng le buile le rona.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 12:4
18 Referencias Cruzadas  

Kamora moo ha hlaha moena wa hae, mme letsoho la hae le ne le tshwere serethe sa Esau, yaba ba mo rea lebitso la Jakobo. Isaka o ne a ena le dilemo tse mashome a tsheletseng ha a ba tswala.


Yaba Jakobo o sala a inotshi mme a kolokotjhana le monna e mong ho fihlela mafube a hlaha.


Monna eo ha a bona hore a ke ke a hlola Jakobo, a mo nonyetsa nokeng, mme ka hona noka ya Jakobo ya nonyetseha ha ba ntse ba kolokotjhana.


Yaba monna eo o re: “Ntlohele ke tsamaye, hobane mafube a hlahile!” Empa Jakobo a re: “Ha nka ke ka o tlohela wa tsamaya, haese haeba o ka ntlhohonolofatsa!”


Jakobo a mmotsa, a re: “Ako mpolelle lebitso la hao hle!” Empa eo a re: “O mpotsetsang lebitso la ka?” Yaba o mo hlohonolofaletsa hona moo.


Sebaka sena seo Modimo a neng a bua le yena a le ho sona, Jakobo a se rea lebitso la Bethele.


Yaba o hlohonolofatsa Josefa o re: “Modimo ya kgahlisitsweng ke bo-ntatemoholo, ke bo-ntatemoholo Aborahama le Isaka, ba mo kgahlisa ka metsamao ya bona; yena Modimo ya ileng a nkalosa, ho tloha bonyenyaneng ba ka, a nkalosa ho fihlela kajeno.


O ile a apola lewatle, ha hlaha mobu o ommeng, batho ba tshela noka ka maoto; ka baka leo, a re mo thabeleng.


matshwenyeho wohle a bona le yena a mo tshwenya. Hase lengeloi le ba pholositseng, ba pholositswe ke Morena ka seqo, ka lerato le ka mohau wa hae a ba lopolla; ho tloha kgale a ba nka, a ba a ba jara.


“Bona, ke tla romela leqosa la ka ho ntokisetsa tsela. Morena eo le mmatlang o tla kena ka Tempeleng ya hae a sa lebellwa. Moromuwa eo le mo lebeletseng o a tla, a phatlalatse selekane sa ka,” ho rialo Morena wa mabotho.


Jwale rona ba tla beng ba ntse ba phela re tla nkelwa marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng, mme ka mokgwa o jwalo re tla ba le Morena kamehla.


Kreste, ha a ntse a phela lefatsheng, o ile a hlahisa dithapelo le dikopo ka mehoo le ka meokgo ho Modimo, ya neng a ka mo pholosa lefung, mme kaha a ne a ikokobeditse, Modimo o ile a mo mamela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos