Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 12:3 - BIBELE

3 Ka popelong o ne a tshwere ngwanabo serethe, ha e se e le monna a kolokotjhana le Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Popelong ya mmae o ile a tshwara ngwanabo ka serethe, le boholong ba hae o kile a betana le Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 12:3
14 Referencias Cruzadas  

Kamora moo ha hlaha moena wa hae, mme letsoho la hae le ne le tshwere serethe sa Esau, yaba ba mo rea lebitso la Jakobo. Isaka o ne a ena le dilemo tse mashome a tsheletseng ha a ba tswala.


Ka baka leo, Morena a halefela Baiseraele haholo, a ba lelekela hole le sefahleho sa hae, ha se ke ha sala le ya mong, haese ba morabe wa Juda feela.


Morena a furalla ditloholo tsohle tsa Baiseraele, a di hlokofatsa, a neelana ka tsona matsohong a batlatlapi ba tsona, ho fihlela a di lelekela hole le sefahleho sa hae.


ho fihlela Morena a ba lelekela hole le sefahleho sa hae, jwalokaha a ne a bolele ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta. Ka mokgwa o jwalo, Baiseraele ba ntshwa naheng ya bona, ba iswa naheng ya Baasiria, moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno-ya-bokajeno.


“Kahoo ke tla le qosa,” ho rialo Morena, “ke be ke qose le tloholwana tsa lona.


Pheletso e o wetse hodimo, mme ke tla o halefela haholo. Ke tla o ahlola ho ya ka boitshwaro ba hao, ke o putse ho ya ka mesebetsi yohle ya hao e manyala.


“Haufinyane ke tla hlatsetsa bohale ba ka hodima hao, ke phethahatse kgalefo ya ka ho wena. Ke tla o ahlola ho ya ka boitshwaro ba hao, ke o putse ho ya ka mesebetsi yohle ya hao e manyala.


Lona Baiseraele, utlwang ntswe la Morena! Morena o qosa baahi ba naha ena, hobane ha ho nnete, ha ho mohau, le ho tseba Modimo naheng ena ha ho eo.


Jwaloka setjhaba, baprista le bona ba tla otlwa, ke tla ba otla, ke ba otlele metsamao ya bona, ke ba putse ka baka la diketso tsa bona.


Morena o bua tjena: “Baahi ba Juda ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ba furaletse Molao wa Morena, ha ba a boloka ditaelo tsa hae; ba kgelositswe ke medingwana bona, eo bo-ntata bona ba neng ba e sebeletsa.


Lona dithaba, mamelang qoso ya Morena; lona metheo ya lefatshe, sekehang tsebe. Lona metheo e tiileng sekehang tsebe. Morena o qosa setjhaba sa hae, Morena o tsekisana le Baiseraele.


Yare bana ba eso tswalwe, ba eso etse letho le letle kapa le lebe, hore morero wa Modimo, o yang kamoo a ikgethelang kateng, o tle o tiye,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos