Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 32:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Yaba o re: Ntese ke ye, hobane mafube a hlahile. A mpa a re: Ha nka ke ka o lesa wa ya, o eso ho ntlhohonolofatse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Yaba monna eo o re: “Ntlohele ke tsamaye, hobane mafube a hlahile!” Empa Jakobo a re: “Ha nka ke ka o tlohela wa tsamaya, haese haeba o ka ntlhohonolofatsa!”

Ver Capítulo Copiar




Genese 32:26
19 Referencias Cruzadas  

Eitse ha a bona hoba o sitwa ho mo hlola, a ama motso wa noka ya hae, yaba motso wa noka ya Jakobo o a nonyetseha, a sa ntse a betana le yena.


A re ho yena: Lebitso la hao o mang? A re: Ke Jakobo.


Jaebetse a bitsa Modimo wa Iseraele, a re: Oho, o ke o ntlhohonolofatse; o atise naha ya ka; letsoho la hao le nne le be ho nna; hape, ako ntshireletse bobeng, bo tle bo se ke ba nkutlwisa bohloko. Yaba Modimo o mo sitsa ka seo a se kopileng.


Modimo a o ke o re hauhele, o re hlohonolofatse; o ke o re kgantshetse sefahleho sa wona, (Sela.)


Jwale, o ntlohele, bohale ba ka bo tle bo ba tukele, ke ba timetse; haele wena, ke tla o etsa setjhaba se seholo.


Ke sa tswa ba feta, hang ka fumana ya ratwang ke moya wa me. Ka mo tshwara, mme ha ke a ka ka mo lesa, ke eso ho mo ise ka tlung ya mme, ka kamoreng ya ya nkemotseng.


hlooho ya hao e phahamile, e tshwana le Karmele, mme thitsane ya hao eka purepera ya borena mahareng a letlowanyana le e tlamileng.


Ho itswe ke Jehova, Mohalaledi wa Iseraele, Mmopi wa hae: Na ke tla botswa tse tlang ho tla? Na ke tla laelwa bakeng sa bana ba ka, le bakeng sa mosebetsi wa matsoho a ka na?


Ha ho motho ya rapelang lebitso la hao, ya tsohang ho itshwarella ka wena; ka baka leo, o re patetse sefahleho sa hao, o re qhibidisitse ka baka la makgopo a rona.


A betana le lengeloi, a ba a le hlola, a ntse a lla, a le rapela. A le fumana Bethele, mme teng le buile le rona.


Tjhe! Empa nthong tseo tsohle, re hlola ka ho fetisisa ka ya re ratileng.


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.


Ntesele, mme ke tla ba fedisa, ke hlakole lebitso la bona tlasa lehodimo, mme wena ke tla o etsa setjhaba se fetisang sena ka matla le ka bongata.


Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos