A re ho yena: Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele (ya betaneng le Modimo), hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.
Mme Modimo wa re ho yena: Lebitso la hao o Jakobo, kajeno lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa lebitso la hao e tla ba Iseraele. Mme wa mo rea lebitso la Iseraele.
Jaebetse a bitsa Modimo wa Iseraele, a re: Oho, o ke o ntlhohonolofatse; o atise naha ya ka; letsoho la hao le nne le be ho nna; hape, ako ntshireletse bobeng, bo tle bo se ke ba nkutlwisa bohloko. Yaba Modimo o mo sitsa ka seo a se kopileng.