Mattheu 15:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, bangodi le bafarisi ba tla ho Jesu, ba etswa Jerusalema, ba re ho yena: BIBELE Yaba Bafarisi ba bang le Ditsebi tse ding tsa Molao ba tla ho Jesu ba etswa Jerusalema, ba re: Baasraak Sotho NT Jwale, bangodi le Bafarisi ba tla ho Jesu ba etswa Jerusalema, ba re: Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale, bangodi le Bafarisi ba tla ho Jesu ba etswa Jerusalema, ba re: |
Hobane ke a le bolella, ke re: Ho loka ha lona ha ho sa fetise ha bangodi le ha bafarisi, le ke ke la kena mmusong wa mahodimo.
Bangodi ba theohileng Jerusalema, ba re: O na le Beelsebule, mme o leleka batemona ka morena wa batemona.
Ka tsatsi le leng, Jesu o ne a ruta; bafarisi le baruti ba molao, ba tswang metsaneng yohle ya Galelea, le Judea, le Jerusalema, ba ne ba dutse ho yena, mme matla a Morena a ne a bonahala ka ho fodisa.
Bangodi le bafarisi ba qala ho bolela dipelong tsa bona, ba re: Enwa ke mang, ya bolelang dinyefolo? Ke mang ya nang le matla a ho tshwarela dibe, haese Modimo o nnotshi?
Bangodi le bafarisi ba teng ba rorela barutuwa ba hae, ba re: Na le jelang le balekgetho le baetsadibe, le nwelang le bona?
Ke bona bopaki ba Johanne, mohla Bajuda ba romileng baprista le Balevi, ba etswa Jerusalema, ho ya mmotsa, ho re: Wena o mang?
Jwale, ha etswa lerata le leholo. Bangodi ba emelang bafarisi ba ema, ba araba, ba re: Ha re fihlele bobe leha bo le bong ho motho eo; ha ekaba moya o fela o buile le yena, kapa lengeloi, a re se keng ra lwantsha Modimo.
Ha a fihlile, Bajuda ba theohileng Jerusalema ba mo teela hare, ba ntse ba etselletsa Pauluse ka melato e mengata, e meholo, eo ba sitwang ho tiisa nnete ya yona.