Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 5:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Hobane ke a le bolella, ke re: Ho loka ha lona ha ho sa fetise ha bangodi le ha bafarisi, le ke ke la kena mmusong wa mahodimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Ke a le bolella, ha ho loka ha lona ho sa fete ha Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, ha le ka ke la kena Mmusong wa mahodimo.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 Hobane ke re ho lona: Ho loka ha lona ha ho sa fete ho ba bangodi le ba Bafarisi, le ke ke la kena mmusong wa mahodimo le ka mohla o le mong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Hobane ke re ho lona: Ho loka ha lona ha ho sa fete ho ba bangodi le ba Bafarisi, le ke ke la kena mmusong wa mahodimo le ka mohla o le mong.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 5:20
24 Referencias Cruzadas  

Jwale, ba utlwisisa hore ditomoso tseo a itseng ba di tshabe, hase tsa bohobe, empa e le tsa thuto ya Bafarisi le ya Basadusi.


mme e mong le e mong ya amohelang ngwana ya jwaloka enwa ka lebitso la ka, o amohela nna.


Selepe se se se beilwe metsong ya difate; sefate ka seng se sa beheng tholwana tse molemo, se tla rengwa, se lahlelwe mollong.


Hase bohle ba reng ho nna: Morena! Morena! ba tlang ho kena mmusong wa mahodimo; empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.


Kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya sa amoheleng mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, a ke ke a kena teng.


Ho ka ba bonolo ha kamele e feta ka lesoba la lemao, ho ena le hore morui a kene mmusong wa Modimo.


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi, hobane le jwaloka mabitla a sa bonahaleng, ao batho ba a hatang ba sa tsebe.


Ho sa le jwalo, batho ba dikete ba ne ba phuthehile hammoho, ba bile ba hatellana; mme Jesu a qala ho bua le barutuwa ba hae pele, a re: Le tshabe ditomoso tsa bafarisi, e leng boikaketsi.


Kannete ke re ho lona: Leha e ka ba mang, ya sa amoheleng mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, a ke ke a kena teng.


Hobane tshebeletso ya tsuo ha e bile le kganya, haholoholo tshebeletso ya ho loka e fetisa ka kganya hakakang!


Ka baka leo, motho ha a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse.


mme ke fumanwe ho yena ke ena le ho loka, e seng ha molao, empa e le ho leng ka ho dumela ho Kreste, ke ho re, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo;


Phehellang, ho ba le kgotso le batho bohle, le kgalalelo eo ho seng motho a tlang ho bona Modimo, ha a se na yona.


Ha ho ntho e ditshila e tla kena teng, leha e le ba etsang manyala le leshano, ho tla kena ba ngodilweng bukeng ya bophelo ya Konyana feela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos