La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 14:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ba mo rapela hore a ba dumelle, leha e le ho ama qola feela ya kobo ya hae; mme bohle ba e amang ba fola.

Ver Capítulo

BIBELE

Ba mo kopa hore a ba dumelle ho ama feela qola ya seaparo sa hae mme bohle ba e amileng ba fola.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Ba mo rapela hore ba mpe ba ame qola ya seaparo sa hae feela;

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Ba mo rapela hore ba mpe ba ame qola ya seaparo sa hae feela;

Ver Capítulo



Mattheu 14:36
15 Referencias Cruzadas  

Banna ba moo ha ba tseba hoba o teng, ba romela mathokong wohle a teng; yaba ba tlisa ho yena bohle ba seng monate.


Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba tle ba bonwe ke batho; hobane ba rwala meqhaka ya difilaktera tse diphara, mme ba lelefatsa dipodi dikobong tsa bona;


Hobane enere ha a ntse a fodisa batho ba bangata, bohle ba nang le malwetse ba ne ba itihela ho yena, ba tle ba mo ame.


Kahohle moo a kenang teng, metsaneng le metseng e meholo, le naheng, ba bea ba kulang mapatlelong, ba mo rapela, hore ba ke ba ame leha e le qola feela ya kobo ya hae; mme bohle ba e amang ba fola.


Ba ntoo fihla Bethsaida. Jwale, ba bang ba mo tlisetsa sefofu, ba mo rapela hore a se ame.


Bongata bohle bo ne bo rata ho mo ama, hobane matla a ne a etswa ho yena, a fodisang bohle.


Hohle hoo ke ho newang ke Ntate, ho tla fihla ho nna; mme ya tlang ho nna, nke ke ka mo lahlela ntle.


Na ha motho a bolotswa ka Sabatha, ho tle ho se ke ha tlolwa molao wa Moshe, le nkgalefetse keng ha ke fodisitse motho kahohle Sabatha na?


Ke kahobane re dumetse lebitso la hae, lebitso la hae le tiisitseng motho eo le mmonang, le mo tsebang, mme tumelo e tswang ho yena Jesu e mo fodisitse hantlentle pontsheng ya lona kaofela.